Jobo 39 - BIBELEPhoofolo tse hlaha di laolwa ke mang? 1 “Na o tseba nako ya ho tswala ha podi ya naha? Na o kila bona kgama ha e phatla, e tswala? 2 Na o ko bale kgwedi tsa kemaro ya tsona? Kapa o tsebe tsatsi la ho tswala ha tsona? 3 Di botha fatshe, di tswale manamane a tsona, bohloko ba ho tswala ebe bo fedile. 4 Manamane a tsona a holela naheng, ha a sa shahlile ebe a lahla mohlape. 5 “Tonki e hlaha e neilwe bolokolohi ke mang? Meja e ne e kgatile e lokolotswe ke mang? 6 Ke e abetse lehwatata hore e phele ho lona, masabasaba a lenyekethe e be bodulo ba yona. 7 Lehesheheshe la metse e etsa metlae ka lona, mehoo ya moqhobi ha e fihle tsebeng tsa yona. 8 E alohela thabeng ho ya tsoma lekgulo, e nyakurele kahohle ho batla ho hotalana. 9 “Na nare e ka thapa, ya eba pelesa ya hao? Kapa ya robala e bothile pela sejelo sa hao? 10 Na o ka e pana mohomeng hore e o lemele? Makwete ya a phophotha e o setse morao? 11 Na o ka e tshepa ka baka la matla a yona? Wa e tshepela ho phetha mesebetsi ya hao e boima? 12 Na o ka e tshepela ho pola mabele a hao, le ho a thothela hae ha a le otlong sa hao? 13 “Mapheo a dimpshe a phuphusela ka thabo, empa e ke ke ya fofa jwaloka mokotatsie. 14 Mpshe e behela mahe a yona mobung, e a tlohelle teng ho alangwa ke lehlabathe. 15 Ha e elellwe hore leoto le ka a bjaratsa, kapa sebatana sa a hatakela hodimo. 16 E sotla madinyane a yona jwalokaha eka hase a yona, ha e tsotelle letho, leha eba e tswaletse lelea, 17 hobane yona Modimo o ila e tima bohlale, a se ka e tsipela le kelello ena e pala! 18 Empa ha e thathalatsa mapheo ho matha, e a keketeha ha e bona pere le mopalami! 19 “Na pere matla e a filwe ke wena, molala wa o kgabisa ka moetse o maebeebe? 20 Na o ka tseba ho e qotomisa sa tsie, wa e kgorohlisa ka dinko ho tshosa batho? 21 E tila fatshe ka kgohlong, e thabetse matla, e itukubetse kahara marumo sa motswelantweng. 22 Pere e tsheha tshabo, ha ho letho le e tshosang; ha e ke e furalla ke ho tshaba sabole. 23 Kgopong tsa yona ho shohlomana kgohlopo, ho bile ho tsekema marumo le ditsenene! 24 E koma mobu ka bohale le ka mabifi, leha ho letswa lenaka ho tila ha e ho kgaotse. 25 Ha naka le lla e a howa, e re: ‘Aha!’ E dupa monko wa ntwa e sa le hole! E dupe mehoo ya balaodi le mekgosi ya ntwa. 26 “Na ke ka bohlale ba hao phakwe e tsebang ho fofa, e thathalatsang mapheo, ebe e leba borwa? 27 Na ke ka taelo ya hao ntsu e tsebang ho fofa, e hahang hlaha sa yona hodimo tsullung? 28 E phela dilomong, bosiu e lala hona teng, qhobosheane ya yona e ka lefarung. 29 Diselo e di tsoma e dutse hona moo, mahlo a yona a di bona di le hole. 30 Madinyane a yona a phela ka ho nwa madi, kamehla yona e fumanwa hara dififi.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa