Jobo 38 - BIBELEMorena o araba Jobo 1 Jwale Morena a araba a le kahara sefefo, a re ho Jobo: 2 “O mang wena, o fifatsang merero ya ka ka ho pepeta, empa o se na tsebo? 3 Itlame letheka, o eme senna, ke o botse dipotso, wena o nkarabe. 4 “Ha ke rala metheo ya lefatshe o no le kae? Haeba o na le tsebo, ako bolele he! 5 Kaha o tsebanyane: Tekanyetso tsa lona di rerilwe ke mang? Thapo e methang bonamo e harolotswe ke mang? 6 Tshiya tsa metheo ya lona di epetswe kae? Lejwe la mantlha lona la bewa ke mang, 7 mohla bo-Mphatlalatsane ba binang ba le mmoho, mangeloi wohle a howa ka thabo? 8 “Mohla lewatle le phatlohang mohloding wa lona, menyako e ne tinketswe ke mang ho le thibela? 9 Ha ke ne ke le etsetsa kobo ya maru, ke le tlama mokgubu ka fifi la bo-nka-ntjana; 10 ha ke ne ke le sehela meedi ya lona, ke le tinkeletsa ka mamati le mekwallo, 11 ka na ka re: ‘Maremelo a metsi a hao ke ana, maqhubu a hao a bilohang a tla fella mona!’ 12 “Haesale o tswalwa na o kila laolela meso dinako, wa laela mafube ho hlaha ka nako ya wona, 13 hore pheletso tsa lefatshe a di aparele, ba kgopo ba be ba phasaphase? 14 Jwalokaha mmopo wa tempe sa tiiso o sala letsopeng, sedi le bonahatsa bopeho tsa lefatshe hantle, le di bonahatse sa mokgabiso seaparong. 15 Ba kgopo ba ke ke ba bona lesedi, matla a bona a tla fediswa. 16 “Na mehloding ya lewatle o kila fihla? Kapa kgotjheletsane tsa madiba wa di tsamaya? 17 Na menyako ya ntlo ya lefu o kila e bona? Kapa wa bona menyako ya Nqalo ya Bafu? 18 Na bonamo ba lefatshe o a bo tseba? Haeba tsena tsohle o a di tseba, ako bolele! 19 “Tsela e yang habo lesedi ke efe? Lehae labo lefifi lona le hokae? 20 Na o ka di isa habo tsona? Na tsela tse yang teng o a di tseba? 21 O a di tseba, hoba o tswetswe pele ho tsona! Lemo tsa ho phela ha hao di ngata! 22 “Na o kila kena matlung a polokelo ya lehlwa, kapa wa bona matlo a polokelo ya sefako, 23 tseo ke di boloketseng nako ya ditsietsi, tsatsi la ho futuha le la dintwa? 24 Tsela e yang ntswanatsatsi yona e kae? E yang habo moya wa botjhabela yona e kae? 25 “Metsi a dikgohola a tjheketswe molapo ke mang, letolo le thwathwaretsang la rallwa tsela ke mang, 26 hore pula e nele nahathothe, lehwatateng leo ho seng baahi ho lona, 27 bataolo le dikaka di tle di nwesetswe, mobung ho fupuhe jwang bo botalana? 28 Ntata pula ekaba yena ke mang? Marothodi a phoka wona a tswetswe ke mang? 29 Ekaba leqhwa le tswa ho ya mang popelo? Rame sa lehodimo se lalang sona se tswetswe ke mang? 30 Metsi a a hwama, a be sengangata jwaloka lejwe, leqhwa le aparele madiba kahohle. 31 “Na o ka tlamahanya mahlaahlela a Selemela, kapa wa lokolla kgwele tsa Makolobe? 32 Na o ka hlahisa dinaledi ka dinako tsa tsona, wa tsamaisa Bere le naletsana tsa yona? 33 Melao e tsamaisang tsa lehodimo na o a e tseba? Na le moo lefatsheng o ka e sebedisa? 34 “Ka ntswe la hao, na maru o ka a laela hore a o apese ka pula ya ditlwebelele? 35 Na ke wena ya ka laelang lehadima ho thwakgatsa? Na le ye le tle ho wena, le re: ‘Ke nna enwa?’ 36 Pelo ya motho bohlale e bo filwe ke mang? Mohopolo wona kutlwisiso wa e newa ke mang? 37 Mohlalefi ke ofe ya tsebang ho bala maru, ya ka thulamisang merifi, merifi ya lehodimo, 38 ha role la lefatshe le fetoha sengangata, makwete a momana, a etsa diqitikwe? 39 “Na o ka tsomela tauhadi dinyamatsane, kapa tawana tsa yona wa di kgorisa ha di lapile, 40 di ntse di qatjhame dilaong tsa tsona, kapa di laletse kahara dihlahla? 41 Ke mang ya baballang lekgwaba ka dijo, ha madinyane a lona a ipiletsa ho Modimo, a lelera hohle ke ho hloka dijo? |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa