Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 37 - BIBELE


Elehu o re Modimo o etsa dikgolo

1 “Fefo sena se thefula methapo ya pelo ya ka, ere ha e thanya e be tlohe madulong.

2 Mamedisa ho thwathwaretsa ha ntswe la Modimo, o mamele modumo o tswang molomong wa hae.

3 O dumisa letolo tlasa mahodimo wohle, hadima la hae le yo fihla pheletsong tsa lefatshe.

4 Lentswe le purumang le latela lehadima, Modimo o pokosela ka ntswe la bohosi ba hae; ha maru a thwathwaretsa lehadima ha a le thibele.

5 Ho pokosela ha ntswe la Modimo ho a makatsa; o etsa dikgolo tse fetang kutlwisiso ya rona.

6 Ho lehlwa o re: ‘Kgethehela lefatshe!’ Ho lefafatsane: ‘Fetoha ditlwebelele!’

7 Mosebetsi wa motho ka mong o a o emisa, batho bohle ba tsebe mosebetsi wa hae.

8 Batana di hohobela dilaong tsa tsona, ebe ka mesimeng ya tsona di a ipothela.

9 Mamati a tjhankana ya sefefo a petlekilwe, meya e pepetlang e tlisa serame.

10 Ha Modimo a phefumoloha leqhwa le a bopeha, kahohle metsi a fetohe qhoqhwaane.

11 Maru a matsho a dusa pula ya motloporo, ka maru ao, Modimo lehadima o a le hasa.

12 Maru a ntsa phethesela tseleng ya wona, a aparetse lefatshe kahohlehohle, a phetha taelo tseo Modimo a di entseng.

13 Modimo a ka nesa pula e le kotlo ho batho, kapa a e nesa hore fatshe le be mongobo, kapa a e nesa e le supo sa lerato la hae.

14 “Oho, wena Jobo, ako mamele sena: Kgutsa, o ko nahane dimakatso tsa Modimo!

15 Na o tseba kamoo Modimo a laolang maru kateng, le kamoo a etsang hore hadima la hae le tsekeme?

16 Na o tseba kamoo maru a tsheheditsweng kateng, le dimakatso tsa eo tsebo ya hae e phethehileng?

17 Na o tseba hore aparo di futhumatsa jwang ha moya o hlaha borwa, naha e jele boya?

18 Na o ka mo thusa ho sarolla mahodimo, mahodimo a bothata ba seipone sa lethose?

19 “Re rute hore na re tle re reng ho yena; re sitwa ho rala nyewe hobane re lefifing.

20 Na a ka bolellwa hore ke rata ho bua le yena? Haeba motho a ka bua, ruri o tla timetswa!

21 “Ho jwalokaha moya o fefera maru, tsatsi le sala mmanameng le kganya, batho ba sitwa ho le tadima ke ho ba fahla;

22 le hlaha ka leboya e ka kgauta, tlotla ya Modimo e re kenyetse tshabo.

23 Ya Matla wohle re ke ke ra mo fihlela, o re phahametse ka matla le ka dikahlolo, a ke ke be a sokamisa toka ya hae.

24 Ka baka leo, batho bohle ba a mo tshaba, bo-tsebanyane bohle ha a ba natse.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan