Jobo 36 - BIBELEElehu o babatsa boholo ba Modimo 1 Elehu a tswela pele, a re: 2 “Bea butle ho se hokae, nke ke o bontshe: Polelo tse emelang Modimo di sa le teng. 3 Tsebo ke tla e fuputsa hole le hohle, ha ke buella ho loka ha Mmopi wa ka. 4 Polelo tsa ka hase tsa bosawana; ya buang le wena ke monna wa mohlalefi. 5 “Modimo o matla, empa ha a nyedise batho; ha ho letho leo a sa le tsebeng. 6 A ke ke a tlohela moetsadibe a phela, empa mafutsana o a sebeletsa ka toka. 7 Ba lokileng ha a kgaotse ho ba hlokomela, o ba bea le dikgosi hodima diterone; o ba bea teng, a ba phahamise kamehla yohle. 8 Empa ha ba tlamilwe ka mahlaahlela, ba bofilwe ka kgwele tsa tlokotsi, 9 o ba supisa mesebetsi ya bona, dibe tse entsweng ka boikgantsho. 10 O etsa hore ba mamele kgalemelo ya hae, a ba laele hore ba furalle bokgopo. 11 Ha ba mo mamela, ba mo sebeletsa, ba tla qeta matsatsi a bona ka boiketlo, lemo tsa bona ba di qete ba atlehile. 12 Empa ha ba ithiba ditsebe, ba sa mamele, lefu la bona e tla ba la sabole, ba be ba shwe tsebo ba se na yona. 13 “Baetsadibe ba tletse kgalefo dipelong tsa bona, leha ba se ba tlamilwe ha ba ke ba kopa thuso. 14 Ba shwa ba sa le batjha, ba shwe ba phela le bo-ramaotwana. 15 Ba ditlokotsing o ba pholosa ka ditlokotsi, a thibolle tsebe tsa bona ka matshwenyeho. 16 “Le wena a ka ba o ntshitse ditsietsing, a o isitse bakeng se sa patisanang, moo tafole ya hao e tla tlala mapetle! 17 Kahlolo ya ba kgopo e o wetse hodimo, kahlolo le toka di se di o maname. 18 Hlokomela, esere maruo a o hohela, o se ka dumela ha tjotjo e o kgelosa. 19 Ha o llela thuso, maruo a hao a ke ke a o tswela molemo, kapa matla a hao a o ntsha tsietsing tsa hao. 20 Se labalabele bosiu ba kahlolo ho fihla, ha tjhaba di timela dibakeng tsa tsona. 21 Hlokomela, o se sekamele bokgopong, boo o bo ratang ho feta tlokotsi. 22 “Modimo o phahametse bohle ka matla a hae; moruti ke ofe ya tshwanang le yena? 23 Tsela ya hae o e kgethetswe ke mang? Ke ofe ya ka reng ho yena: ‘Mona jwale o fositse?’ 24 Hopola ho tlotlisa mesebetsi ya hae, mesebetsi eo batho ba e rokang ka difela. 25 Batho bohle ba bone mesebetsi eo, ba e boha ba le hole le yona. 26 Modimo o moholo ho feta kutlwisiso ya rona, palo ya lemo tsa hae ha re ka ke ra e fihlela. 27 “O monya marothodi a metsi, ka mouwane wa ona ebe o nesa pula. 28 Maru a pula a tlhotlela diphororo fatshe, mafafatsane e be ditlwebelele, e be ditlwebelele ho batho. 29 Ya tsebang ho thiba ha maru ke mang, le ho thwathwaretsa ha lehodimo la hae? 30 Hadima la hae le takolotsa le lehodimo, botebo ba lewatle o a bo kguruma. 31 Ke ka tsona a ahlolang ditjhaba, ke ka tsona a di fang nala. 32 O tshwere lehadima ka matsoho a hae, o laela hore le otle botsekeng. 33 Letolo ke selelekela sa sefefo sa hae, ho tla ha sona le diphoofolo di a ho tseba.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa