Jobo 35 - BIBELE1 Elehu a bua hape, a re: 2 “Na o bona ho nepahetse ha o re: ‘Nna ke lokile ho feta Modimo?’ 3 O re ho yena: ‘Molemo ke ofe oo ke tla o bona? ke tla boellwa keng ka ho se etse sebe?’ 4 “Jwale nna polelo tsa hao ke tla di araba, le tsona tsa metswalle ya hao. 5 Lelalla mahodimong o ke o bone, tadima maru a o phahametseng. 6 Ha o etsa sebe Modimo o mo senyetsa eng? Ha o ngatafatsa tshito tsa hao, hoo hona ho mo etsetsa eng? 7 Haeba o lokile o mo nea eng? Kapa o amohela eng letsohong la hao? 8 Bokhopo ba hao bo senyetsa ba jwaloka wena, ho loka ha hao ho thusa ba jwaloka wena. 9 “Batho ba lliswa ke ho hatellwa haholo, ba llela ho namolelwa kgokeng tsa ramonatla. 10 Empa ha ho ya reng: ‘Modimo, Mmopi wa ka, o kae, ya re kgothatsang ka difela bosiu, 11 ya re rutang ho fetisa phoofolo tsa naha, ya re hlalefisang ho fetisa nonyana tse fofang?’ 12 Leha ba ipiletsa, yena ha a arabe, ka baka la boikakaso ba ba etsang bokgopo. 13 Ruri Modimo a ke ke a mamela mafeela, Ya Matla wohle a ke ke a a natsa. 14 “A ka o mamela jwang, o re ha o mmone; o re nyewe ya hao e kapele ho yena, wena o so lebeletse yena feela? 15 O ithetsa ka ho re kgalefo ya hae ke mosesetso, esita le bokgopo Modimo ha a bo natse. 16 Ka baka lena, Jobo o bua feela, o pepeta haholo, feela a se na tsebo.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa