Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 34 - BIBELE


Elehu o bontsha ho loka ha Modimo

1 Yaba Elehu o tswela pele, o re:

2 “Lona bahlalefi mamelang polelo tsa ka! Lona bo-tsebanyane theang tsebe le mmamele!

3 Tsebe e hlwaya mantswe ha a buuwa, jwalokaha dijo di latsuwa ke mahalapa.

4 A re ikgetheleng se lokileng ka borona, a re tsebeng ka borona se leng molemo.

5 “Jobo o re: ‘Nna ha ke na molato, empa Modimo o nkamohile tokelo ya ka.

6 Le hoja ke nepile tjena ho thwe ke leshano, le hoja ke se na sebe, qeba la ka le hana ho fola.’

7 “Motho ke ofe ya tshwanang le Jobo? O momorotsa nyefolo jwalokaha metsi a nowa;

8 yena o tsamaya mokgatlong wa baetsadibe, ba kgopo o tsamaisana tsela le bona;

9 o re: ‘Motho a ke ke a putswa ka letho, leha a leka ho kgahlisa Modimo.’

10 “Lona bahlalefi, mmameleng ke hona: Modimo a ke ke a ba a etsa bokgopo, Ya Matla wohle a ke ke a ba a etsa phoso.

11 O putsa motho ho ya ka mesebetsi ya hae, o putsa motho ho ya ka metsamao ya hae.

12 Ruri Modimo a ke ke a ba a etsa bokgopo, Ya Matla wohle a ke ke a kgopamisa ho loka.

13 O beilwe ho okamela lefatshe ke mang? Fatshe lohle lona le theilwe ke mang?

14 Haeba e ne le morero wa hae, a busetsa moya wa bophelo ho yena,

15 tsohle tse phelang di ne di tla timela, motho le yena, a kgutlele leroleng.

16 “Ha o le bohlale, ako mamele, polelo tsa ka o di sekehele tsebe!

17 Na ya hloileng toka, ho busa a ka ho tseba? Kapa o ahlola Ya Matla, Ya Lokileng?

18 Yena ya reng ho kgosi: ‘O motho-dikobo,’ ho mahosana: ‘Lona le balotsana!’

19 Ha a ye ka leeme ha a sebeletsa babusi, morui le mofutsana ke ditshwantshwang ho yena, kahoba bohle ke mmopo wa matsoho a hae.

20 Ka ho panya ha ntshi ba shwa le hara bosiu, tjhaba se hlokolehe, bona ebe ba iketse; natla di nyamele di sa angwa ke letsoho la motho!

21 “Mahlo a hae a disitse metsamao ya batho, mehato yohle ya batho le yona o a e bona.

22 Ha ho na lefifi le letsholetsho, moo baetsadibe ba ka tsebang ho ipata.

23 Modimo ha a hloke ho balla batho dinako ho tla kahlolong, kapele ho yena.

24 O thuakanya bo-ramonatla ho se na nyewe, tulong tsa bona ebe o bea ba bang.

25 Ka baka leo, mesebetsi ya bona o a e tseba, ba phetholwa e le bosiu, ebe ba a phetshelwa.

26 Modimo o ba otlela bokgopo ba bona, o ba otlela pontsheng ya batho bohle,

27 hobane ba kgaoditse ho mo latela, ha ba a ka ba natsa tsela tsohle tsa hae.

28 Dillo tsa mafutsana ba di fihlisitse ho yena, dillo tsa bahlomohi Modimo o a di utlwa.

29 “Haeba a ikgutsetsa a ka nyatswa ke mang? Ha ipata sefahleho, teng a ka bonwa ke mang? O okametse batho le ditjhaba ka ho tshwana.

30 O thibela motho ya kgopo ho busa, a mo thibele ha a tjhehela setjhaba maraba.

31 “Haeba motho a ka re ho Modimo: ‘Ke ipona molato, nke ke ka sitwa hape;

32 ako nthute tseo ke sa di tsebeng, haeba ke entse bokgopo nke ke ka pheta hape;’

33 na o re Modimo a ye ka thato ya hao, athe wena o nyatsa diketso tsa hae? Boikgethelo ke ba hao, hase ba ka, kahoo wena bolela seo o se tsebang.

34 “Ba nang le kutlwisiso ba tla bolela, banna ba bohlale, ba nkutlwang, ba re:

35 ‘Jobo o ipuela feela a se na tsebo, polelo tsa hae bohlale di a bo hloka.’

36 Jobo a nna lekwe ho-ya-ho-ile, hobane o araba sa batho ba kgopo.

37 Dibe tsa hae o di eketsa ka bofetohedi, o etsa nyediso moo re mo utlwang, ka polelo tse ngata o nyedisa Modimo.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan