Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 33 - BIBELE


Elehu o re Jobo a mo mamele

1 “Ka baka lena, ke a o rapela, Jobo: Ako mamele polelo ya ka, mantswe a ka wohle o a sekehele tsebe.

2 Mamela! Jwale ke lekgatheng la ho bua, mantswe a sa le lelemeng la ka.

3 Mantswe a ka ke a pelo e se nang mano, molomo wa ka o bua nnete eo ke e tsebang.

4 Nna ke entswe ke moya wa Modimo, mophefumoloho wa Ya Matla wohle o etsa hore ke phele.

5 “Haeba o ka kgona, ako nkarabe; rala mabaka a hao, ebe o nthula ka wona.

6 Kapela Modimo ke tshwana le wena, ke bopilwe ka letsopa jwaloka wena.

7 Lebaka la hore o ntshabe ha le yo, ho ba teng ha ka ho ke ke ha o imela.”


Modimo hase sera sa Jobo

8 “Ruri o buile moo ke ntseng ke utlwa, modumo wa mantswe a hao ka o mamela:

9 ‘Nna ke hlwekile, ha ke na sebe, ke hlatswehile, ha ke na bokgopo,

10 empa jwale Modimo o mpea dibato, o ntadima ke le sera sa hae.

11 Maoto a ka o a tlamile ka mahlaahlela, tselana tsa ka tsohle o a di lekola.’

12 “Tabeng ena o fositse; ke o araba ka ho re: Modimo o moholo ho feta motho.

13 Ke ka baka lang ha o phea kgang le yena, o re polelo tsa hao ha a di arabe?

14 Modimo o bua ka mekgwa e le mengata, empa ha ho ya keng a hlokomele.

15 Torong le ponong tsa bosiu, ha phume sa boroko batho se ba katetse, phateng tsa bona ba kgalehile,

16 Modimo o nyenyeletsa tsebeng tsa batho, a ba tshose ka keletso tsa hae,

17 hore tsela tse kgopo ba di kgelohe, boikakaso bo be hole le bona.

18 Modimo o phemisa motho ho theohela lebitleng, a mo phemise ho bolawa ka sabole.

19 O kgalemela motho ka ho mo robatsa phateng tsa lefu, a opise masapo a hae wohle ho se kgaotso;

20 jwale takatso ya dijo ebe e a fela, a nyonye le dimonate tseo a di ratang.

21 O ye a fetohe moketa, a motele dinama, e sale e le masatswane, palwadikgopo.

22 Moya wa hae o atamela lebitla, phelo ba hae bo atamele babolai.”


Modimo o mohau

23 “Haeba lengeloi le leng la a sekete, le le hlakoreng la hae, e le mmoelanyi, le ruta motho seo e leng toka,

24 le tla mo hauhela, le bue, le re: ‘Mo hauhele, a se theohele lebitleng, hobane ke se ke mo fumanetse se mo lopollang.’

25 Nama ya hae e tla ntjhafala, e tshwane le ya lesea, a okolohe, a tshwane le mehleng ya botjha ba hae.

26 O tla rapela Modimo, yena a mo rekolohele, fahleho sa hae a tla se bone a nyakaletse, hobane Modimo o mmuseletsa ho loka ha hae.

27 O tla binela batho, ebe o re ho bona: ‘Ke entse sebe, ka kgopamisa ho loka, empa sebe seo sa ka ha ke a se otlelwa.

28 O pholositse moya wa ka O se ye lebitleng, ke tla boela ke phele, ke nne ke bone lesedi.’

29 “Tsena tsohle Modimo o di etsa ho motho, a ka di etsa habedi, a ka di etsa hararo,

30 hore a phemise motho ho theohela lebitleng, sedi la bophelo le tle le mmonese.

31 “Hlokomela, Jobo, o ke o mmamele; ako kgutse, mme nna ke tla bua.

32 Haeba o na le puo, ako nkarabe; bua, ke kgolwe hore ha o na molato.

33 Haeba o sa re letho, eka kgona o mmamele; ako kgutse, mme ke tla o ruta bohlale.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan