Jobo 32 - BIBELEElehu o bua le metswalle ya Jobo 1 Banna ba bararo bana ba kgaotsa ho araba Jobo, hobane o ne a itadima a lokile. 2 Jwale kgalefo ya Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, wa lelapa la Rama, ya tlokoma. Kgalefo ya hae ya tlokomela Jobo, hobane Jobo o ne a re ke yena ya lokileng, Modimo ke yena ya phoso. 3 Kgalefo eo ya hae ya ba ya tlokomela le metswalle ya hae e meraro, hobane leha e ne e nyatsa Jobo, e ne e hloleha ho mo araba. 4 Elehu o ne a ile a emela banna bao hore ba bue le Jobo pele ho yena, hobane ba ne ba le baholo ho yena. 5 Ha a bona hore banna bao ba bararo ba feletswe ke puo, kgalefo ya hae ya nna ya tlokoma. 6 Yaba Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, o a bua, o re: “Ke sa le mmotlana, lona le tsofetse, ka hona ke ile ka itshwara, ka tshaba ho le bolella seo ke se tsebang. 7 Ke ile ka nahana: ‘Eka kgona baholo ba bue, ba lemo di ngata ba rute bohlale.’ 8 Empa ke moya o ka ho motho, e leng moya wa Ya Matla wohle, wona o neang motho kutlwisiso. 9 Hase ba baholo feela ba nang le bohlale, kapa maqheku feela a utlwisisang ho lokileng. 10 Ka baka leo, ke re le ke le mmamele, le nna ke bolele seo ke se tsebang. 11 “Ke ile ka le emela hore le ke le bue, puo tsa lona ka di theela tsebe ha le ntse le kgetha mantswe. 12 Ke fetse ka le mamela: Ha ho le ya mong ya shanofaditseng dipuo tsa Jobo, kapa ya arabileng polelo tsa hae. 13 Hlokomelang, le se ke la re: ‘Rona bohlale re bo fumane; Modimo ke yena ya tla mo hlola, a ke ke a hlolwa ke motho.’ 14 Polelo tsa Jobo di ne di sa lebiswa ho nna, nke ke ka mo araba jwaloka lona. 15 “Banna bana ba nyahame dipelo, ba se ba feletswe ke dikarabo, mantswe le wona a a ba haella. 16 Ebe nka lebella, hobane ba sa arabe, hobane ba themeletse, ba se ba hloka puo? 17 Le nna ke tla hlahisa ya ka karabo, ke be ke bolele seo ke se tsebang. 18 Ke pipitlelane ke mantswe, moya wa ka o ntshusumetsa hore ke bue; 19 fuba sa ka se ka veine e bitieletswe, se kgatheng la ho phatloha sa makuka a matjha. 20 Ke tla bua, ho pipitlelwa ho fele; ke tla tswa molomo, le nna ke arabe. 21 Ha nka ke ka tadima tshobotsi ya motho, ha nka ke ka kakamatsa mang le mang. 22 Ha ke ne ke tseba ho kakamatsa, Mmopi wa ka o na ntlosa ka ho panya ha ntshi!” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa