Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 30 - BIBELE


Jobo o lliswa ke bomadimabe ba hae

1 “Ba banyenyane ho nna jwale ba a ntshoma, bao bo-ntata bona ke neng ke ba nyedisa, ke neng nke ke ka ba disisa mohlape le ntja tsa ka.

2 Matla a bona a na sa nthuse ka letho, kaha bokwakwariri bo ne bo ba feletse.

3 Ke mekojwane ya bofuma le sekoboto, ba phela ka ho ja metsuntsunyane, bosiu ba lelera mahalaopeng.

4 Ba kga bodiladilane hara dihlahla, metso ya tshinabele ke dijo tsa bona.

5 Ba lelekwa hara batho ba bang, ba kueletswe jwalokaha eka ke mashodu.

6 Ba phela ka mangopeng a dikgohola, ka madumeleng le kahara mafika;

7 ba bokolla ba le kahara dihlahla, ba sunyame mmoho katlasa bobatsi.

8 Ke bana ba mawatla, bo-mohloka-lebitso, ba lelekilwe lefatsheng, hara batho.

9 “Jwale ke bona ba ntlakang ka pina, ke se ke fetohile sesomo ho bona.

10 Ba se ba nnyonya ba bile ba nkwekwetla, fahleho sa ka ba se tshwela ka mathe.

11 Kahoba Modimo a mphokodisitse, a ntshotlile, ha ba sa itshwara leha ba le pela ka.

12 Ka ho le letona ba mphutuhela ka sekgakgatha, ha ke baleha ba mpea merebele, ba haha metero ho nketsetsa thibella.

13 Ba tjhekile mamena tseleng ya ka, ba atlehiswa ke tshenyeho ya ka, ba re: ‘Ha a na mothusi!’

14 Ba kena jwalokaha eka rako le wele, ba subuhlellana hara masupi!

15 Matshabeho wohle a nkwetse hodimo, a ntlositse seriti ka ho panya ha ntshi, maruo a ka a fedile sa mouwane.

16 “Moya wa ka o qhashoha kahare ho nna, matsatsi a ho hlokofatswa a mphihletse;

17 ke lala ke tjhobelwa ke masapo bosiu, bohloko bo nkokonang ha bo mphe sebaka.

18 Matla a bohloko ba ka a senya aparo tsa ka, a nkgama jwaloka molala wa hempe ya ka.

19 Modimo o nkakgetse kahara seretse, ke se ke tshwana le lerole le wona molora.

20 “Ke ipiletsa ho wena, Modimo, empa ha o nkarabe; ke ema kapela hao, empa o ntadima feela!

21 O mphuthuhela o se na mohau, tsoho la hao le matla le a ntwantsha.

22 O mphahamisetsa hodimo, moyeng, ka sefefo o nkakgoletse kwana le kwana.

23 Ke a tseba hoba o tla nkisa lefung, tlung e kgethetsweng bohle, bohle ba phelang.

24 “Ha ke re ya shwang o otlolla letsoho la hae, ha a llela thuso tlokotsing ya hae?

25 Na ha ke a ka ka llela ba ditsietsing? Moya wa ka ha o a utlwela ba maswabing bohloko?

26 Ha ke ne ke lebeletse molemo, ka tlelwa ke bobe; ha ke ne ke lebeletse lesedi, ka tlelwa ke lefifi.

27 Mala a ka a a qhuqhuma, a hloka phomolo, matsatsi a ditlokotsi a tobane le nna.

28 Ke tsamaya ke nyahame pelo, ho se na lesedi; ke ema hara mokgopi ho ikopela thuso.

29 Ke se ke fetohile ngwanabo phokojwe, ke molekane wa madinyane a mpshe.

30 Tlalo la ka le letsho ke ho kgakgapheha, masapo a ka a a tjhesa ke ho opelwa.

31 Harepa ya ka e letsa kodi-ya-malla, melodi ya kodilo la ka e fetohile dillo.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan