Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 28 - BIBELE


Motho o batla bohlale

1 “Silefera e na le morafo wa yona, kgauta e na le setshekelo sa yona;

2 tshepe yona e tjhekwa e etswa katlasa lefatshe, lethose le fumanwa ka ho qhibidisa moralla.

3 Motho o kenella hare mpeng ya lefatshe, a yo fihla kgotjheletsaneng tse hole, a etse merafo hara lefifi le letsholetsho.

4 O tjheka tjhafo hole le leaho la batho, bakeng tseo leoto le eso hate ho tsona; a leketle marapong a le hole le batho, a tsokotsehe, a ye kwana le kwana.

5 Dijo di mela kahodima lefatshe, katlase le fuduuwa jwalokaha ho fuduuwa mollo.

6 Majwe a lona a bopeletswe le disafire, a bile a na le mereto ya kgauta.

7 Tsela ya teng ha e tsejwe le ke letlaka, esita le phakwe ha e eso ka e e bona.

8 Batana tsa naha ha di eso tsamaye ho yona, esita le tau ha e eso fete le moo.

9 “Lejwe la moremaphofu motho o a le thuaka, thaba a di fure metheong ya tsona.

10 Hara mafika a phunyake mesele, mahlo a hae a bone tsa bohlokwa di le mefuta.

11 Metsi a rothelang ka merafong o a a thibela, tse patehileng a di bee mmananeng, di bonwe ke bohle.”


Bohlale ha bo fumanwe

12 “Ebe jwale bohlale re ka bo fumane kae? Lehae la kutlwisiso lona le fumanwa kae?

13 Bohlale ha bo fumanwe fatsheng la ba phelang, ha ho ya utlwisisang bohlokwa ba bona.

14 Bodiba bo re: ‘Ka ho nna bohlale ha bo yo!’ Lewatle le re: ‘Le ho nna bohlale ha bo yo!’

15 Ka kgauta e hlwekisitsweng bo ke ke ba rekwa, kapa theko ya bona ya methwa ka boima ba silefera.

16 Ka kgauta ya Ofire bo ke ke ba rekwa, kapa ka kareneleane le safire ya bohlokwa.

17 Kgauta kapa mahakwe a ke ke a lekana le bona, kapa ba ananngwa ka mekgabiso ya kgauta.

18 Dikgetla le mahakwe tsona ha di sa bolelwa; theko ya bohlale e feta le mabenyane a bohlokwa.

19 Jwe la bohlokwa la Kushe le ke ke la lekana le bona, ka kgauta e hlwekisitsweng bo ke ke ba rekwa.”


Bohlale bo tsejwa ke Modimo feela

20 “Ebe jwale bohlale bo tswa hokae? Lehae la kutlwisiso lona le hokae?

21 Bo patetswe dibopuwa tsohle, bo patetswe le tsona nonyana tse fofang.

22 Timelo le lefu le tsona di re: ‘Re utlwa bo-fuufu ha ba bo bolela.’

23 “Ke Modimo feela ya tsebang tsela ya bona, ke yena feela ya tsebang habo bohlale,

24 hoba o bona pheletso tsa lefatshe, o bona tsohle tse tlasa mahodimo.

25 Ha Modimo a nea moya matla a wona, le mawatle a a sehela moedi;

26 ha a ne a beela pula taelo, lehadima le lona a le betlela tsela,

27 o ila bona bohlale, a bo hlahloba, a bo leka, a bo ananela.

28 “Yaba o re ho motho: ‘Ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho furalla bokgopo ke yona kutlwisiso.’ ”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan