Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 26 - BIBELE


Jobo o bolela boholo ba Modimo

1 Yaba Jobo o a araba, o re:

2 “Wa tla wa thusa motho a fokola! Wa tla pholosa letsoho le fokola!

3 O eleditse sethoto hantle hakaakang! O bontshitse tsebo e kgolo hakaakang!

4 O rutilwe ke mang ho bua polelo tsee? Polelo tseo o di buang ke tsa mang?

5 “Ba ka mabitleng ba a thothomela, le tsohle tse tlasa metsi, tse phelang ho wona.

6 Nqalo ya Bafu e feela kapela Modimo, mohohlo wa timelo o ahlame, ha o a kwahelwa.

7 Modimo o sarolotse leboya hodima sepakapaka, a leketlisa lefatshe hodima bofeelafeelane.

8 O phuthetse metsi kahara maru a hae; ha ho leru le phatlolwang ke boima ba metsi!

9 Kgwedi ha e tolokile o a e fifatsa, ka maru a hae a e etsetse lesira.

10 O radile sedikadikwe, a se rala hodima lewatle, a etsa moedi ho arohanya lesedi le lefifi.

11 Tshiya tsa lehodimo le tsona di a reketla, di reketla ke ho tshoha kgalemelo ya hae.

12 Ka matla a hae lewatle a le tsosa maqhubu, ka bohlale ba hae a tamukanya Rahaba.

13 Ka moya wa hae a ntlafatsa mahodimo, ka tsoho la hae a hlaba noha e lelesela.

14 Tsena ke dinyane feela tsa matla a hae, tse bolelwang ka yena ke lehweshehweshe; boholo ba matla a hae bo ka utlwisiswa ke mang?”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan