Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 24 - BIBELE


Jobo o re Modimo ha a tsotelle bokgopo

1 “Na Ya Matla wohle tsatsi la kahlolo ha a le tsebe? Ba mo sebeletsang nako ya lona ba a e tseba?

2 “Ba kgopo ba suthisa mekolokotwane ya meedi, ba utswe mehlape, ba be ba e katle.

3 Tonki ya kgutsana ba e kgothela pele, pholo ya mohlolohadi ba e nkele peeletso.

4 Ba thesela bafumanehi hore ba suthe tseleng, mafutsana wohle a phela ka ho ipata.

5 “Jwaloka tonki e hlaha, lehwatateng, mafutsana a tsohella mosebetsing, ho ya sela, lefeella ke lona le fepang bana ba wona.

6 A kotula dijo masimong a ba kgopo. A kgwahlapise morara rapeng tsa ba kgopo.

7 A robala a le feela ke ho hloka kaparo, rame se fella hodima wona ke ho hlobola.

8 Mafutsana a kolobiswa ke medupe ya thaba, a be a maname mafikeng ke ho hloka lephephe.

9 “Kgutsana e hlothwa letsweleng, tsweleng la mma yona, mofutsana o lefa molato ka lesea la hae.

10 Ba tsamaisa mafutsana a se na le nketlana, a thotha dihlopha tsa koro a ntsa lapile,

11 a tulela tholwana tsa mohlwaare matlapeng, a etsa ole, a tlhotla veine morareng a ntse a nyorilwe.

12 Medumaelo ya ba shwang e utlwahala hara motse, ba tswileng dikotsi ba llela hore ba thuswe, empa thapelo tsa bona Modimo ha a di natse.

13 “Ho na le ba bang ba hloileng lesedi, ba sa tsebeng tsela tsa lona le ho tsamaya ka tsona.

14 Mmolai o tsoha ha mafube a hlaha, a bolaye mofumanehi, a bolaye le mofutsana; athe bosiu teng o fetoha leshodu hantle.

15 Sehlola se a lebella, se lebella hore shwalane e tshware, se re: ‘Ha nka ke ka bonwa ke ope,’ ebe jwale se ikwahela sefahleho.

16 Bosiu mashodu a thuakanya matlo, motsheare teng ebe a a ipata; lesedi lona ha a kopane le lona.

17 Ho wona wohle fifi le tshwana le motsheare, matshabeho a lefifi ho mashodu ke metswalle.

18 “Ba jwalo ba ka mahohodi a lwebang hodima metsi, masimo a bona a neilwe thohako, ha ho ya yang rapeng tsa bona tsa morara.

19 Jwalokaha komello le motjheso di qhibidisa lehlwa, lebitla le lona baetsadibe le a ba metsa.

20 Popelo e tla ba lebala, diboko di ba nyabele; ba ke ke ba hlola ba sa hopolwa, bokgopo bo tla fela sa fate se robehile.

21 Mosadi wa nyopa ba a mo sotla, mohlolohadi yena ba mo hlokele mohau.

22 Ka matla a hae Modimo o lelefatsa bophelo, o lelefatsa bophelo ba bo-ramonatla, ba ka tsitsa, tshepa la ho phela lona ha le yo.

23 O a ba sireletsa, ba be ba rue letshepa, athe metsamao ya bona yona o e disitse.

24 Ba tuma ka nakwana, ba be ba nyamele, ba theolwe dikalaneng, ba timetswe jwaloka bohle, ba shwe sa diako tsa koro ha di kgaolwa.

25 “Haeba ho se jwalo, nka shanofatswa ke mang? Ke mang ya ka reng polelo tsa ka ke tsa bosawana?”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan