Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 23 - BIBELE


Jobo o lakatsa ho ipuella ho Modimo

1 Yaba Jobo o a araba, o re:

2 “Le kajeno sello sa ka se sa le bohloko; le hoja ke bile ke fehelwa hakaalo, tsoho la Modimo le ntse le nkimetse.

3 Hoja ke a tseba hore na nka mo fumana kae, ke ne ke tla ema kapela setulo sa hae,

4 nyewe ya ka ke e rale kapela hae, ka ho tlala ke lokodise mabaka a ka.

5 Ke ne ke tla utlwa ha a nkaraba, ke utlwisise polelo tsa hae ho nna.

6 Na Modimo a ka ntshobokella ka bonatla ba hae? Le ho ka! a ka sekeha tsebe, a mmamela!

7 Ya lokileng a ka arabisana le yena moo; ho Moahlodi wa ka ke lokollelwe ruri.

8 “Ha ke eya botjhabela ha ke mo fumane, ha ke eya bophirima le teng ha ke mo fumane,

9 ha a le leboya ha ke mmone, ha a sebetsa borwa le teng ha ke mmone.

10 Empa Modimo o tseba metsamao ya ka; ha a nteka ke tla tswa ke hlwekile seka kgauta.

11 Mehato ya ka e hodima mehato ya hae, ke tsamaile tseleng ya hae, ha ke a e kgeloha.

12 Taelo tse tswang molomong wa hae ha ke a di kgeloha, ka pelong ya ka ke bolokile polelo tsa hae.

13 “Ha a rerile o rerile, a ka hanyetswa ke mang? O iketsetsa tsohle ka ho rata ha hae;

14 seo a se rerileng o se phetha ka nna, merero e kang ona e mengata ho yena,

15 ka baka leo ke tshaba ho ema kapele ho yena, ha ke mo hopola tswalo le a nkgekgetha.

16 Modimo o mphokodisitse, ke hloka sebete, Ya Matla wohle o nkgekgethisa letswalo;

17 empa lefifi le ke ke la nkgutsisa, fifi la bo-nka-ntjana le mphoufaditseng.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan