Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 22 - BIBELE


Elefase o re Jobo o kgopo haholo

1 Yaba Elefase ya tswang Temana o a araba, o re:

2 “Na motho a ka etsetsa Modimo tse molemo, jwalokaha mohlalefi a iketsetsa tse molemo?

3 Na ke thabo ho Ya Matla wohle haeba o lokile? Kapa o a mo entsha ha tsela tsa hao di hloka kodi?

4 “Na o tla o kgalemella ho mo tshaba ha hao, ka baka la hona a o etsetse qoso?

5 Bokgopo ba hao bo boholo haholo, dibe tsa hao di hloka moedi!

6 O nkile peeletso ho ngwaneno a se na molato, ba hlobotseng bona wa ba hlokisa le nketlana.

7 Ba nyorilweng ha o a ka ba nyorolla ka metsi, ba lapileng ha o a ka ba ngwathela letho,

8 le hoja o no le matla, fatshe o le ruile, batho ba o tlotla, o phela ho lona.

9 Bahlolohadi ba tlohile ho wena ba itlhophere, ha e le kgutsana tsona wa di robokela.

10 Ke kahoo maraba a o potapotileng kahohle, tshabo e tsometsang e o hlokisang boiketlo,

11 fifi le o aparetseng, o sitwang ho bona, phororo tsa metsi di phuthumanang hodima hao.

12 “Modimo ya mahodimong a hodimodimo, o tadimela dinaledi tlase, o di tadimela tlase le hoja di le hodimo!

13 Empa wena o re: ‘Modimo o tseba eng? A ka ahlola jwang hara fifi le lekaalokaalo?

14 O hara lesira la maru, a ke ke a tseba ho bona, ha a ntsa ralotsa hopong la lehodimo.’

15 “Na o tla hanella tseleng ya kgale, tseleng e kutlilweng ke ba kgopo?

16 Ba tlositswe nako ya bona e eso fihle, metheo ya bona ya hoholwa ke dikgohola;

17 bona ba itseng ho Modimo: ‘Re hlokomolohe! Ya Matla wohle a ka re etsang?’

18 Empa ke ka yena matlo a bona a tletseng menono, kahoo nna ke hole le keletso tsa ba kgopo.

19 “Ba lokileng ha ba bona ba a nyakalla, ba se nang molato ba a soma, ba re:

20 ‘Dira tsa rona di timeleditswe ruri, tlotlo la tsona la tjheswa ke malakabe.’

21 “Boelana le Modimo, o tlo be le kgotso, ka ho etsa jwalo o tla tlelwa ke tse molemo.

22 Amohela thuto e tswang molomong wa hae, polelo tsa hae o di boloke ka pelong ya hao.

23 Ha o ka kgutlela ho Ya Matla wohle, yena o tla o hlohonolofatsa, ha o fedisa bokgopo kahara leaho la hao.

24 Ha o lahla kgauta ya hao, o e lahlela hara lerole, le kgauta e tswang Ofire, o e lahlela dikgohlong hara mafika,

25 Ya Matla wohle e tla ba yena kgauta ya hao, e be silefera ya hao e hlwekisitsweng.

26 Ya Matla wohle o tla mo thabela, fahleho sa hao se tadime ho Modimo.

27 O tla rapela Modimo, ebe o a o utlwa, kano tsa hao o tsebe ho di phetha.

28 Merero yohle ya hao e tla atleha, sedi le kgantshetse tsela tsa hao;

29 hoba Modimo o kokobetsa baikakasi, baikokobetsi bona a ba pholose.

30 Le ya molato Modimo o a mo pholosa: O tla pholoswa ka ho hlweka ha matsoho a hao.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan