Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 21 - BIBELE


Jobo o tiisa hore ba kgopo ba a atleha

1 Empa Jobo a araba Sofara, a re:

2 “Ako mamele puo ya ka, o e mamele ka hloko, ho mmamela hoo e be ho nketsetsa matshediso;

3 bea pelo, le nna ke bolele tsa ka, ha ke qetile ebe jwale o a ntshoma.

4 “Na ebe ke ipelaetsa ho motho? ho hloka mamello ebe ha ke ho lokele?

5 Ntadimeng, le tswe le makala, le thibe melomo ka matsoho a lona.

6 Tsena ha ke di hopola ke a nyaroha, mmele wa ka wohle o a thothomela.

7 “Ke hobaneng ha ba kgopo ba phela, ba tsofala, ba bile ba matlafala?

8 Ba bona bana ba bona ba hola, ba bile ba atleha, le tloholo tsa bona ba be ba di bone.

9 Malapa a bona a na le kgotso, a hloka tshabo, kotlo ya Modimo ha e eso ba wele hodimo.

10 Poho ya ya kgopo e a katika, ha e ke e lala, thole tsa hae di a tswala, ha di ke di folotsa.

11 Bashanyana ba bona ha ba etswa e ka re mohlape, bana ba bona ba a tlola, ba a thalaka.

12 Ba bina melodi ka moropa le ka harepa, ba thabela ho utlwa modumo wa lekodilo.

13 Bophelo ba bona ba bo qeta ba atlehile, hanghang ba theohele Nqalong ya Bafu.

14 Feela ba re ho Modimo: ‘Re hlokomolohe! Ha re lakatse ho tseba ditsela tsa hao!

15 Ya Matla wohle re ka mo sebeletsa ha e le mang? Ho mo rapela ebe ho ka re putsa ka eng?’

16 Feela katleho ya bona ha e laolwe ke bona; nna ke thoko le dikeletso, keletso tsa ba kgopo.

17 “Le tingwa hakae lebone la ba kgopo? Koduwa yona e ba wela hodimo hakae, ha Modimo a aba dikotlo a halefile?

18 Ke hakae ba kang dirite ha moya o pepetla, ba kang mmoko ha sefefo se o fefera?

19 Modimo o isa kotlo tsa motho baneng ba hae; eka a ka be a otla yena mo-di-etsi, a mo otle le yena a tla ikutlwele.

20 Kotlo eo e mo tlele a e shebile, kgalefo ya Ya Matla wohle a e habole;

21 hoba palo ya kgwedi tsa hae ha e fedile, boiketlo ba lapa la hae ha a sa bo natsa.

22 Ke mang ya ka rutang Modimo bohlale, athe Modimo o ahlola le ba lehodimo?

23 “E mong motho o shwa e le sekwankwetla, a kgotsofetse, a bile a iketlile;

24 mmele wa hae o shahlile, o fepehile, moko o tiile ka masapong a hae;

25 e mong o shwa a hlorile moyeng, le boiketlo a sa ka ba bo tseba;

26 ba robala ba bapile roleng la lebitla, bobedi ba bona ba nyeunye diboko.

27 “Ke tseba ya lona mehopolo, le mano ao le ntherelang wona ke a a tseba.

28 Le ntse le re: ‘Lapa la sekwele jwale le kae? Malapa a ba kgopo wona a kae?’

29 Ha le eso botse bo-mafeta-ka-tsela? Polelo tsa bona ha le di natse, ha ba re:

30 ‘Ha koduwa e etla ya kgopo o a pholoswa, tsatsi la kgalefo le lona o a le phemiswa?’

31 Ya ka mo nyatsang sefahlamahlo ke mang? Ketso tsa hae tsona a ka di ahlolelwa ke mang?

32 Empa o a nkwa, a iswe lebitleng, bitla la hae le lebelwe ka thata.

33 Qubu ya mobu e hodima hae ha e mo imele, batho bohle ba koloka kamora hae, kapele ho yena boiyane bo mo eteletse pele.

34 “Mafeela a lona a ka ntshedisa jwang? Karabo tsa lona di tletse thetso!”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan