Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 20 - BIBELE


Sofara a hlalosa kabelo ya ba kgopo

1 Yaba Sofara ya tswang Naama o a araba, o re:

2 “Ka baka la lehala le ka pelong ya ka, menahano ya ka e re ke o arabe.

3 Ke utlwa kgalemelo e ntshwenyang maikutlo, moya wa ka o nthuta hore ke e arabe.

4 “Ha ke re o a tseba, ho tloha boholoholo, ho tloha ha lefatsheng mona ho bewa motho:

5 Modidietsane wa ba kgopo o sekgwahla, mokoka ha o yo, thabo ya baetsadibe ke ya motsotswana feela?

6 Leha boikgantsho ba hae bo ka fihla mahodimong, hlooho ya hae ya ithwesa tlokola ya maru,

7 o tla timella ruri jwaloka thete la hae, ba mmoneng ba re: ‘Ekaba o nyametse kae?’

8 O tla fela sa toro, a se hlole a fumanwa; jwaloka pono ya bosiu a nyamele.

9 Leihlo le mo itseng hedi! le ke se mmone hape; le tulo tsa hae di ke ke tsa hlola di sa mmona.

10 Bara ba hae ba qekisa ho ratwa ke mafutsana, ba buseletsa mafutsana qhoqha ya ntata bona.

11 Bokwakwariri ba botjha bo tletse masapo a hae, ha a kgutlela leroleng bo tla lala le yena teng.

12 “Le hoja bokgopo bo mo natefela lehano, a bile a bo pata tlasa leleme la hae;

13 a sa ikutlwe ho ka kgaohana le bona, a bo moma, a bo boloka ka hanong la hae;

14 dijo tseo di a hlasa ha di fihla ka mohodung, di iphetole mahloko a bo-marabe.

15 Menono o a e metsa, o bile o a e hlatsa, Modimo o a mo hlatsisa, o kgofa mohodu wa hae.

16 O tla mokonyetsa bohloko ba bo-marabe, dikwetsepe tsa qowane tsona di mmolaye.

17 Dinoka a ke ke a hlola a sa di bona, le phororo tse phallang tsa dinotshi le tsa lebese.

18 Tsa matsoho a hae o di busetsa a so di latswe, tse tswalwang ke kgwebo le tsona ha di mo thabise.

19 O tubile mafutsana, a a siya a itlhophere, a ikgapela matlo e se a matsoho a hae.

20 “Ha a na ho fuwa tsweya ke takatso tsa hae, a ke ke a ipholosa le ka maruo a hae.

21 Meharo ya hae ha e a siya le pala, boiketlo ba hae ke ba nakwana;

22 o tla tsieleha a ntsa hafa ka nkatana, mafutsana a wele ka sekgahla, a wele hodima hae.

23 Etlare hoja a kgotshe sa mpana-phatloha, kgalefo ya Modimo e mo tlokomele malakabe, thala la metsu le mo lethehele hodimo.

24 Leha a ka ba a phonyoha lerumo la tshepe, seqha sa lethose sona se tla mo fula,

25 motsu wa sona o yo phunyeletsa mokokotlo, ntlha ya wona e phatsimang e qhale nyooko, matshabeho a lefu a mo aparele kahohle.

26 Fifi la bo-nka-ntjana le mo laletse, o tla timetswa ke mollo o se na sebutswelo, ba setseng lapeng la hae ba tamukane.

27 Mahodimo a tla talola bokgopo ba hae, lefatshe le eme ka maoto ho mo qosa.

28 Ntlo ya hae e tla hoholwa ke sekgohola, ke phororo tsa kgalefo ya Modimo ha e tlokoma.

29 Ona ke wona moputso wa ya kgopo, lefa leo a le abetsweng ke Modimo.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan