Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 19 - BIBELE


Jobo o dumela hore Modimo o tla mo pakela

1 Jobo a boela a araba, a re:

2 “Ebe le tla nlhokofatsa halelele hakae, le ntshithabetse ka dipolelo ho fihlela neng?

3 Ke ka makgetlokgetlo le nnyahanya, le sa hlajwe ke dihlong ho nnyefola;

4 haeba ke nnete, ke entse phoso, phoso eo ke ya ka, ha e le ame ka letho.

5 Haeba le iphahamisetsa kahodimo ho nna, le nqosa ka baka la tlokotsi ena ya ka;

6 jwale tsebang: Modimo ke yena ya nkentseng hampe, o ntanteletse ka letlowa la hae.

7 Ha ke howa, ke re: ‘Bosoro!’ ha ke arabelwe! Ke howa haholo, empa toka ha e eo!

8 “O tinkeditse tsela, ke sitwa ho feta; tselana tsa ka di aparetswe ke lefifi.

9 O nkamohile boitlhompho ba ka, o nthodisitse le mofapahlooho,

10 o ntlepola kahohle, mme ke a ikela, tshepo ka ya o e fothotse seka sefate.

11 Ke tlokomelwa ke kgalefo ya hae, yena o ntadima ke le sera sa hae;

12 ke futuhetswe ke mabotho a hae, a hlomme diahelo ho potapota lapa la ka.

13 “Modimo o entse hore bana beso ba nkwekwetle, metswalle le yona e mphuralle ho qeta.

14 Bahaeso le bona ba se ba ntahlile, balekane ba ka ba se ba ntebetse.

15 Ho baeti le makgabunyane a lapa la ka, ke tadingwa ke le moeti, ke le molata.

16 Ha ke bitsa mohlanka wa ka ha a arabele, esita leha ke ipiletsa ho yena.

17 Mohatsa ka o nkgelwa ke moya wa ka, bana beso le bona ba a nnyonya;

18 diratha le tsona di a nnyedisa, ha ke hlaha eba di a ntlaka.

19 Ba ntshanang se inong le nna ba a nnyonya, ke furaletswe le ke baratuwa ba ka.

20 Ke moote, ke manne, o ka mpala dikgopo, ke phonyohile feela ka la mohaswa lesoba.

21 “Nkgauheleng! Nkgauheleng! lona metswalle ya ka! ke otlilwe ke Modimo ka tsoho la hae!

22 Le ntlhorisetsang jwalokaha Modimo a ntlhorisa? Ha le kgotsofale ha ke hlepholeha dinama?

23 “Polelo tsena tsa ka eka di ka be di ngolwa, eka di ka be di ngolwa, di etswa buka,

24 di ngolwa ka pene ya tshepe tlapeng la loto, di ngolwa lefikeng, di hlole kamehla yohle!

25 “Ke a tseba: Mopholosi wa ka o a phela, qetellong o tla ema a mpakele.

26 Leha tlalo la ka le tla be se le bodile, ka mahlo Modimo ke tla mmona ke se mmeleng ona;

27 ke yena eo ke tla fela ke mmone ka seqo, ke mmone ka mahlo a ka ke sa romeletsa. Ka pelo ya ka yohle ke labalabela hoo!

28 “Haeba le ka re: ‘Re sa tla mo hlorisa, hobane sesosa sa taba se ka pelong ya hae!’

29 Lona, ka bolona, le hle le tshabe sabole, hoba sebe sa kgalefo, kotlo ya sona ke sabole, le tle le tsebe hore efela kahlolo e teng.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan