Jobo 17 - BIBELE1 “Moya wa ka o tetebetse, matsatsi a ka a kgutsufetse, bitla le lona le nkemetse. 2 Basomi ba mpotapotile, mahlo a ka a tadimile bora ba bona. 3 “Nkgolwe, Modimo, ke bua nnete, ha ho na e mong ya ka mpakelang; 4 kelello tsa bona o di thithibantse, kahoo o se ka ba ba thusa, ba hlola. 5 Ya ekang motswalle ho fumana moputso, bana ba hae ba tla lebella mahlo a ba kgathale. 6 “Ho bohle ke se ke fetohile sesomo, fahleho sa ka ba se tshwela ka mathe; 7 mahlo a ka a fifaditswe ke maswabi, ditho tsa ka tsohle e se e ka seriti. 8 Hona batho ba lokileng ba ho makaletse, ba se nang molato ba nyatsa ba kgopo; 9 ya lokileng o tla tiisetsa tseleng ya hae, ya matsoho a hlwekileng a nne a matlafale.” Jobo a lakatsa eka a ka shwa 10 “Lona bohle boelang le leke hape! Feela hara lona ha ke bone mohlalefi. 11 Matsatsi a ka a fetile, merero ya ka e nyopile; takatso tsa pelo ya ka le tsona di nyopile. 12 Bosiu ba bo fetola motsheare, ha ho le lefifi ba re: ‘Sedi le haufi!’ 13 Haeba hae la ka ke Nqalo ya Bafu, eba phate tsa ka ke di ala lefifing; 14 haeba ke re ho lebitla: ‘Ke wena ntate,’ ho seboko ke re: ‘O mme, o kgaitsedi,’ 15 ebe jwale tshepo ya ka e tla ba kae? ebe ke mang ya tla e bona? 16 E tla theohela le nna lebitleng, e theohele le nna leroleng.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa