Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 16 - BIBELE


Jobo o re o hloilwe ke Modimo le batho

1 Yaba Jobo o a araba, o re:

2 “Tse kang tsena ke di utlwile hangata; lona bohle le batshedisi ba tenang motho!

3 Na o sa tla kgaotsa ho shwahla mafeela? Sesosa sa nganga ya hao ke sefe?

4 Hoja boemo ba ka e ne le ba lona, ke ne nka nna ka bua jwaloka lona, ka puo tse ngata ka le tlameletsa, ka ba ka thukuthela hlooho ya ka ho lona.

5 Empa polelo tsa ka di ne di tla le kgothatsa, ho bebenya melomo ha ka ho le bebolele tlokotsi.

6 “Leha nka bua, bohloko ba ka ha bo kokobele; leha ke kgutsitse, bona ha bo ntlohele.

7 Oho, Modimo, o fela o ntshotlile, lapa la ka lohle le timeditswe ke wena;

8 o ile wa ntlhasinya, mme o sera sa ka; bokojwane ba ka ke paki e nqosang ke e shebile.

9 Ya ntlhoileng, ka kgalefo o a ntlepolaka, o ntsikitlanyetsa meno a hae; sera sa ka se ntjheba ka mahlo a ntjhotjho!

10 Batho ha ba kopetse melomo ha ba ntshoma, ba ntjabela lerameng ba bile ba nnyefola, ba entse setha-se-wele hodima ka.

11 Modimo o nneeletse ka balotsana, o ntahletse matsohong a batho ba kgopo.

12 Ke ne ke iketlile, ke mona o ntshuhlamantse, a mphamola ka molalana, yaba o a mpidila, a ntlhoma ho ba sekgopi sa metsu ya hae.

13 Metsu ya hae e nketseditse lethala, o harola dikahare tsa ka a se na mohau, nyooko ya ka yona o e qhalanyetsa fatshe.

14 O ntlhaba a sa tswa ntlhaba, o nkgorohela jwaloka seqhobane.

15 “Mmeleng wa ka ke apere tse mahwashe, ka phatla ya ka leroleng ka sunyama;

16 mahlo a ka a fubetse ke menyepetsi, botsho bo entse sedika-mahlwana ntshing tsa ka;

17 leha matsoho a ka a sa fuparela bokgopo, le thapelo ya ka ho Modimo e hlwekile.”


Jobo o ipiletsa ho Modimo hape

18 “Oho, wena lefatshe, madi a ka o se ke wa a monya, boipiletso ba ka bo se ke ba kgaotsa!

19 Le jwale paki ya ka e lehodimong, mmuelli wa ka le yena o hodimodimo.

20 Ha e le metswalle ya ka e a ntshoma, keledi tsa ka di keleketlela ho Modimo.

21 Ke mang ya ka mpuellang ho Modimo jwalokaha ho buellwa motho ho motswalle?

22 “Ho tla feta lemo di le mmalwana, ebe nna ke nka tsela e yang bo-ya-batho.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan