Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 15 - BIBELE


Elefase o re Jobo ha a hlomphe Modimo

1 Yaba Elefase ya tswang Temana o a araba, o re:

2 “Na mohlalefi a ka bebera manenekwane, a pipitlelwa ke moya wa ho phorohla?

3 A phea kgang ka ho bua mafeelafeelane, kapa ka puo tsa sa thuseng letho?

4 Ho tshaba Modimo o ho phephethetse hole le wena, ho rapela Modimo hona o a ho fedisa.

5 Puo tsa hao di susumetswa ke bokgopo ba hao, boqhweleqhwele bo ntlheng ya leleme la hao.

6 Ha o tsuwe ke nna, o tsuwa ke dipuo tsa hao, molomo wa hao ke wona pakimotshwaedi.

7 “Ebe ke wena motswalwapele wa motho? kapa o bopilwe pele ho maralla?

8 Na merero ya phiri tsa Modimo o a e tseba? Na bohlale bona ebe ke ba hao o le inotshi?

9 O tseba dife tseo re se nang tsebo ya tsona? O utlwisisa dife tseo re se nang kutlwisiso ya tsona?

10 Bo-raputswe le maqheku ba ka hlakoreng la rona, bannabaholo ba boneng letsatsi pele ho ntatao.

11 “Na matshediso a Modimo o a a halala, le mantswe a buuwang ka bonolo tsebeng tsa hao?

12 O dumellang ho rwalwa ke pelo ya hao? Mahlo a hao wona a tukelang malakabe,

13 hoo o hlatsetsang kgalefo ya hao ho Modimo, o buang puo tse tjee, ka molomo wa hao?

14 “Motho ke ntho nngwe, hoo a ka bang le tlhweko? Ya tswetsweng ke mosadi yena a ka loka jwang?

15 Haesita Modimo a sa tshepe mangeloi a hae, mahlong a hae le mahodimo a sa hlweka,

16 a ka tshepa motho jwang, a le manyala, a tletse podile, a momorotsa bokgopo sa metsi a mophoko?”


Qetello ya ba kgopo e a tshabeha

17 “Thea tsebe, o mamele, ke o manollele, ke o bolelle tseo ke di boneng ka mahlo a ka;

18 tse boletsweng ke banna ba bahlalefi, ba di bolela ba sa pate letho, ba bolela tseo ba di utlwileng, ho baholoholo ba bona;

19 bona bao naha e neng e abelwe bona feela, ho se molata o jakileng hara bona.

20 “Ya kgopo o kgwebethwa ke letswalo, le mo kgwebetha ka tshiu tsohle tsa hae, mohatelli le yena le a mo kgwebetha, le mo kgwebethe ka lemo tsohle tsa bophelo ba hae.

21 Tsebe tsa hae di tlala medumo e tshosang, haeka tsohle di ya hantle batupi ba mo hlasele.

22 O lahlehetswe ke tshepo ya ho tswa kahara lefifi, kaekae sabole le yona e mo laletse.

23 O lelera le naha, a batla dijo, a ntse a botsa hore na di kae; o a tseba, tsatsi la timelo ya hae le atametse;

24 matshwenyeho le mahloko a mo kenya letswalo, a mo pupetsa sa kgosi e kgatheng la ho futuha,

25 hoba o kokoseditse Modimo letsoho, o iketsa senatla ho Ya Matla wohle.

26 O mo kgorohela a sataladitse molala, thebe e shahlileng a e utlile ka mallela.

27 “Le hoja a le fahleho se matlebele, theka la hae le le maphethephethe,

28 o tla phela metseng e le dithako, matlung a seng a setse a le feela, a kgatheng la ho fetoha masupi.

29 Ha a ka ke a hlola a ba a rua, matlotlo a hae wohle a tla timela, fatshe le ke ke la anelwa ke maruo a hae.

30 A ke ke be a phonyoha lefifing, lakabe le tla tjhesa mahlaku a hae, kgalefo ya Modimo e mo timetse!

31 A se ithetse ka ho tshepa mafeela, hobane mafeela e tla ba wona moputso wa hae.

32 Pele a eshwa hoo ho tla etsahala, makala a hae a ke ke be a tlokoma.

33 O tla tshwana le morara, o hlohlorang tholwana di sa le tala, jwaloka mohlwaare o hlohlorang, o hlohlorang thunthung tsa wona.

34 “Ba kgopo ba ke ke ba ba le ditloholo, mollo o tla tjhesa matlo a ba phelang ka tjotjo.

35 Ba emola tlokotsi, ba tswale bokgopo, thetso ke yona ngwana popelo ya bona.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan