Jobo 12 - BIBELEJobo o re o ahlolwa ka phoso 1 Jwale Jobo a araba, a re: 2 “Ha ho pelaelo, batho ke lona feela! Bohlale bo tla ya le lona lebitleng. 3 Le nna ke na le kelello jwaloka lona, etswe le hona ha le mphete ka letho; ke mang ya sa tsebeng dintho tsee tsohle? 4 Kajeno ke fetohile sesomo ho metswalle, ke fetohile sesomo ke lokile, ke se na kodi, nna ya neng a ipiletsa ho Modimo, a nkarabe. 5 Ba iketlileng ba nyedisa bomadimabe, ba re ke pheletso ya ba kgatheng la ho thella. 6 Malapeng a batupi teng ho rena kgotso, ba phephetsang Modimo ba phela ka boiketlo, bao matla a bona e leng wona modimo wa bona. 7 “Ako botse diphoofolo, tsona di tla o ruta, nonyana tsa lehodimo le tsona di o kaele; 8 o bue le lefatshe le tle le o rupele, le tlhapi tsa lewatle di ke di o qoqele. 9 Ke efe ho tsona tsohle e hlokang tsebo ya hore Morena o entse tsohle ka letsoho la hae? 10 Bophelo ba sebopuwa ka seng bo matsohong a hae le meya ya batho bohle e phela ka yena. 11 Ha ke re tsebe e mamela ho kgetha mantswe, jwalokaha leleme le kgetha dijo ka ho di latswa? 12 Bohlale ba sebele bo hahetse ho bo-raputswe, ho phela halelele ho fana ka kutlwisiso. 13 “Empa bohlale le matla tsona ke tsa Modimo, ke yena monga kelello le kutlwisiso; 14 moo a heleditseng ho ke ke ha tsoswa marako, eo a mo kentseng tjhankaneng a ke ke a lopollwa. 15 Ha a thibela pula, metsi a pshela ruri, ha a nesa ya ditlwebelele, fatshe lohle le a senyeha. 16 Matla le bohlale ba sebele ke tsa hae; mothetsi le mothetsuwa ba matleng a hae. 17 Baeletsi o ba tlosa ba se na le nketlana, baahlodi bona a ba fetole ditsheretshere! 18 O lokolla mahlaahlela a dikgosi a bohatelli, mathekeng a tsona a kgaole maqhama a puso; 19 baprista o ba tlosa ba se na le nketlana, dinatla tsona a di theole tulong tsa tsona; 20 baeletsi ba mmakgonthe a ba fetole dimumu, maqheku wona a a amohe meelelo. 21 O soma mahosana, a a teole, a kokobetse boikalatiso ba mahosana; 22 a senole le diphiri tsa mafifing, meriti e metsho a e tjhabisetse lesedi. 23 O hodisa ditjhaba a be a di timetse, a di anafatse, a be a di hasanye; 24 babusi ba ditjhaba a ba amohe meelelo, a ba lelerise mahwatateng ho se na tsela, 25 ba phopholetse lefifing ho se lesedi, a ba thekesedise sa mahlena a bo habotse.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa