Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jobo 10 - BIBELE


Jobo o re na Modimo o mo sotlelang

1 “Bophelo bona ba ka bo ntenne, kahoo ke tla boledisa tsa ka dipelaelo, ke bue moya wa ka o tubehile.

2 Ke tla re ho Modimo: ‘Se ke be wa nkahlola; mpolelle tseo o nqosang ka tsona.

3 O bona ho le molemo ho nna o nkataka, o nyedisa mmopo wa matsoho a hao, o thabela merero ya ba kgopo?

4 Na o na le mahlo a nama? Na o bona jwalokaha batho ba bona?

5 Na tshiu tsa hao di tshwana le tshiu tsa batho? Na ngwaha tsa hao di tshwana le ngwaha tsa batho?

6 Ha e le moo o tswile bosele ho tsoma bokgopo ba ka, o batla, o batlisisa le sebe sa ka?

7 Wena o a tseba ho nna bokgopo ha bo yo, mme ha ho ya ka ntopollang matsohong a hao.

8 “ ‘Kahohlehohle ke bopilwe ke matsoho a hao, empa jwale ke se ke timetswa ke wena!

9 Ako hopole, o mpopile seka letsopa; na o tla nkgutlisetsa leroleng hape?

10 Na ha o a nqhatsa jwalokaha ho qhatswa lebese, wa mphehla jwalokaha leokwana le fehlwa?

11 Wa nkapesa ka letlalo le ka dinama, wa ntlamahanya ka masapo le ka mesifa?

12 O nneile bophelo, wa ba wa nnea lerato, wa mpoloka, wa baballa le moya wa ka.

13 “ ‘Tsena e ne le kunutu la pelo ya hao, ke a tseba, tsena e ne le morero wa hao:

14 Ha ke etsa sebe o ntadima ka le ntjhotjho, o ke ke wa ntokolla molatong wa ka.

15 Haeba ke molato bomadimabe ke ba ka! Leha ke se molato nke ke ka tadima motho, ke hlajwa ke dihlong ke lweba ka hara tlokotsi.

16 Ha hlooho ya ka e phahama o tla ntsoma jwaloka tau, o ntlhokofatsa ka ho nketsetsa dimakatso.

17 O tlisa paki tse ntjha ho nnyopisetsa bopaki, le kgalefo ya hao e ntlokomela ho feta, mara a hao a mphutuhela ka mekgahlelo.

18 “ ‘Ke hobaneng o entseng hore ke tswalwe? Eka nkabe ke shwele ke eso bonwe ke motho!

19 Eka nkabe ke sa ka ka ba ka tswalwa, kapa ka iswa lebitleng ha ke qeta ho tswalwa!

20 Tshiu tsa ka di kgutshwanyane, di a feta; ako ntlohele, ke re kgefu! ho se hokae,

21 ke eso ikele kwana bo-ya-batho, fatsheng le lefifi, le meriti e metsho;

22 fatsheng le lefifi la bo-nka-ntjana, moo e leng lapeng habo morusu, moo sedi la teng e leng lefifi!’ ”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan