Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jeremia 9 - BIBELE

1 Hoja hlooho ya ka ke sediba sa metsi, mahlo a ka ebe ke mohlodi wa dikeledi, ke tle ke lle motsheare le bosiu, ke llele tjhaba sa heso se bolailweng.

2 Hoja ke na le motlotlwane hara lehwatata, moo baeti ba ka robaletsang teng, ke tle ke tlohe hara tjhaba sena sa heso, ke itsamaele ke ye hole le sona, hoba kaofela ha sona ke difebe, ke mokgopi wa batho ba bolotsana!

3 “Maleme a sona a kobehile sa seqha, leshano ke metsu eo se fulang ka yona; hase nnete e se neang matla lefatsheng. Bokgopo se bo etsa ka ho bo hlahlamanya, athe nna ha se ntsebe le ho ntseba,” ho rialo Morena.

4 “Motho ka mong a hlokomele motswalle wa hae, ngwaneno le yena o se ke wa mo tshepa, hoba ngwanabo motho ka mong ke mokgohlisi, motswalle ka mong ke moetseletsi.

5 Motho ka mong o thetsana le motswalle, ha ho le ya mong ya buang nnete. Batho ba tlwaeditse maleme a bona ho bua leshano, ba ipakela mokgathala ka ho etsa sebe.

6 O phela hara batho ba buang leshano, shano la bona le etsa hore ba se ntsebe,” ho rialo Morena.

7 Ka baka leo, Morena wa mabotho o bua tjena: “Ke tla ba hlwekisa ke be ke ba tsheke, hoba tjhaba sa ka nka se tlohela jwang?

8 Maleme a sona a ka metsu e mahloko, kamehla ha se bua, se bua leshano. Ka molomo, motho o bua hamonate, o bua ho motswalle, ka pelong o ntsa mo lokisetsa maraba.

9 Na ha ke a tshwanela ho ba otlela ketso tsee?” ho rialo Morena. “Na ha ke a tshwanela ho iphetetsa ka tjhaba se tjee?”

10 “Ke tla llela dithaba, ke di hlomohele, makgulo a lehwatata ke a binele kodi-ya-malla, ke a binele hobane a omeletse hoo ho wona ho seng le mofeta-ka-tsela. Motho ha a ka ke a utlwa kgomo e bohla, nonyana tsa lehodimo di balehile, phoofolo tsa naha le tsona di itahlile!

11 “Ke tla fetola Jerusalema e be masupi, ke e fetole e be selao sa diphokojwe, metse ya Juda ke e fetole nanaola, ho se be ya ka phelang ho yona.

12 “Monna ya bohlale, ya ka utlwisisang tsee ke ofe? Eo Morena a mo rutileng ho di hlalosa ke mang? Ke ka baka lang ha naha e fetohile nanaola, e omeletse sa lehwatata le ke keng la tsamauwa?”

13 Yaba Morena o re: “Ke hobane ba furaletse Molao wa ka, oo ke ba beetseng wona. Ha ba a mamela lentswe la ka, leha e le ho ya ka ditaelo tsa ka.

14 Ba latetse ditakatso tsa dipelo tsa bona tse manganga, ba rapela bo-Baale bao ba ba rutilweng ke bo-ntata bona.”

15 Ka baka leo, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Bonang, batho bana ke tla ba nwesa lengana, ke ba nwese metsi a tletseng mahloko.

16 Ke tla ba qhalanyetsa hara baditjhaba, bao batho bana, esita le bo-ntata bona, ba sa kang ba ba tseba. Ke tla ba fekefa ka sabole ho fihlela ke ba timetsa.”


Setjhaba sa Jerusalema se llela thuso

17 Jwale Morena wa mabotho o re: “A le ke le nahane se etsahalang! Bitsang basadi ba llang sa mmokotsane, le bitse kgeleke tsa kodi-ya-malla di tle.

18 Basadi bao ba potlake ba re llele, keledi di keleketle marameng a rona, kgapha di phorosele di etswa ntshing tsa rona.

19 Seboko se utlwahala se etswa Sione: ‘Bonang kamoo re timeditsweng kateng! Dihlong tsa rona ke tse kaakang! Re tlameha ho furalla naha ya rona, matlo a rona a fetohile masupi.’ ”

20 “Lona basadi utlwang lentswe la Morena, polelo tsa hae le di sekehele tsebe. Rutang baradi ba lona ho bokolla, le rutane ho bina kodi-ya-malla:

21 Lefu le kene ka difesetere tsa matlo, la kena le ka matlung a dikgosi tsa rona, la hleka bana diterateng tsa motse, la hleka le bahlankana mabaleng a motse.

22 “Bolelang hore Morena o bua tjena: Topo tsa banna di tla rapalla fatshe, di ke kgapane e qhalane hara masimo, di ke ditlhaka ha di helwa ke mokotudi, di rapalle ho se ya ka di phuthang!”

23 Morena o bua tjena: “Mohlalefi a se ithorise ka bohlale ba hae, senatla se se ithorise ka bonatla ba sona, morui a se ithorise ka maruo a hae;

24 empa ya ithorisang a ithorise ka ho re, yena o a nkutlwisisa, o bile o a ntseba; ke nna Morena ya tsebang ho hauhela, ya sebetsang ka toka le ka ho loka lefatsheng, hobane tsena ke tsona tse nthabisang,” ho rialo Morena.

25 “Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “matsatsi ao ka wona ke tla otla bohle ba bolotseng nameng feela:

26 e leng Baegepeta, Bajuda, Baedomo, Baamone, Bamoabe le bohle ba phelang mahwatateng, dibakeng tse hole. Ditjhaba tsena tsohle ha di a bolla; le bohle ba ntlo ya Iseraele ha ba a bolotsa dipelo tsa bona.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan