Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jeremia 8 - BIBELE

1 “ ‘Ka nako eo, ho rialo Morena, masapo a dikgosi tsa Juda le masapo a mahosana, le masapo a baprista, le masapo a baporofeta, le masapo a baahi ba Jerusalema a tla epollwa mabitleng a wona.

2 A tla beelwa letsatsi le kgwedi le dinaledi tsohle tsa lehodimo, e leng tseo beng ba masapo ana ba neng ba di rata, ba di sebeletsa, tseo ba neng ba di sala morao, ba kopa thuso ho tsona, ba di kgumamela. Ha a ka ke a bokellwa kapa a epelwa hape; a tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.

3 Morena wa mabotho o re: Masalla wohle a setjhaba sena se kgopo, a tla phonyoha, a dibakeng tsohle tseo ke a leleketseng ho tsona, a tla ikgethela lefu bakeng sa bophelo.’ ”


Sebe le kotlo

4 “O be o ba bolelle, o re: “ ‘Morena o bua tjena: “ ‘Ha motho a wela fatshe, na ha a ke a tsoha hape? Ha motho a kgeloha tsela, na ha a ke a kgutlela ho yona?

5 Ke ka baka lang ha tjhaba see se kgelohile? Keng ha baahi ba Jerusalema ba kgeloha kamehla? Ba kgomaretse leshano, ba hana ho kgutla mekgweng ya bona.

6 Ke ba utlwile, ka ba sekehela tsebe, empa ha ba bue letho le nepahetseng. Ha ho motho ya bakelang bokgopo ba hae, ya reng: “Ke entse eng?” Motho ka mong o inketse tsela ya hae, jwaloka pere e itukubetsang ntweng.

7 Le mokotatsie o fofang hodimo, o tseba nako tsa wona tsa ho falla; leeba le lehaqasi le moholodi, le tsona di tseba nako ya ho oroha, empa molao wa Morena tjhaba sa ka ha se o tsebe.

8 “ ‘Le ka bua jwang, la re: “Re hlalefile, hoba Molao wa Morena re a o tseba?” Bonang, Ditsebi tsa Molao di o sokamisitse, pene tsa tsona di o fetotse leshano.

9 Bahlalefi, dihlong di ba hlabile, ba tsielehile, ba feletswe ke meelelo. Lentswe la Morena ba le lahlile; ebe jwale ba na le bohlale bofe?

10 Kahoo basadi ba bona ke tla ba nea banna basele, masimo a bona ke a nee ba ba hlotseng; ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, bohle ba labalabela qhoqha, baporofeta le baprista ka ho tshwana, kaofela ha bona ba phela ka bolotsana.

11 Maqeba a tjhaba sa ka ba a a oka, ba a oka jwalokaha eka ba oka mengwapo. “Kgotso! Kgotso!” ba rialo ho batho, le hoja ba tseba hore kgotso eo ha e yo.

12 Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela kahara ba weleng; mohla ke ba otlang ba tla timela, ho rialo Morena.

13 “ ‘Ruri ke tla ba timetsa,’ ho rialo Morena. ‘Morara ha o ka ke wa ba le ditholwana, fate sa feiye se ke ke sa ba le ditholwana, mahlaku a sona le wona a tla pona, tseo ke ba fileng tsona di tla ba phonyoha!’ ”

14 “Re sa duletseng? A re kgobokaneng bohle! A re tshabeleng metseng e haheleditsweng, lefu ha le fihla le re fumane moo! Morena Modimo o re abetse timelo, o tla re nwesa metsi a tletseng mahloko, hobane rona re sitetswe Morena.

15 Re ne re lebeletse kgotso, empa ha re a fumana molemo; ra lebella nako ya ho fodiswa, empa ra tlelwa ke ditsietsi.

16 Ho kgorohla ha pere tsa Sera ha utlwahala, ha utlwahala ho etswa Dane, naha yohle ya thothomela ha e utlwa ho tsetsela ha pere tsa dishoqopa, hoba di tlile ho tla timetsa naha, ho timetsa le tsohle tse leng ho yona: Motse le baahi bohle ba wona.”

17 “Ke tla romela dinoha hara lona, ke romele diqowane tseo le ke keng la di upa, mme di tla le loma,” ho rialo Morena.


Jeremia o swaba ka baka la setjhaba sa habo

18 Maswabi a ka nka a mamella jwang? Pelo ya ka e nyahame, e tepeletse.

19 Utlwang sello sa tjhaba sa ka se naheng e hole: “Na Morena ha a sa le teng Sione? Na Kgosi ya Sione ha e sa le yo moo?” Morena a re: “Ba nkgalefiseditseng ka medimo ya bona ya bohata, le ka medimo ya mafeela, medimo ya baditjhaba?”

20 Setjhaba sa re: “Nako ya ho kotula e se fetile, hlabula le lona le se le fedile, empa rona ha re eso pholoswe.”

21 Jwalokaha tjhaba sa heso se nyahame dipelo, le nna pelo ya ka e nyahame jwalo. Ke kene kahara bofifi, ke tshwerwe ke tshabo.

22 Na ebe Gileade ha ho sa na meriana? Na ebe ngaka le yona ha e yo naheng eo? Ke ka baka lang tjhaba sa ka se sa phekolweng?

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan