Jeremia 50 - BIBELEBabilona e tla hapuwa 1 Lena ke lentswe leo Morena a ileng a le bua ka molomo wa moporofeta Jeremia, malebana le Babilona le naha ya Bakalatiya: 2 “Bolelang le phatlalatse hara ditjhaba, phahamisang mokgele, le phatlalatse, le se pate letho, le bolele, le re: ‘Babilona e tla hapuwa, Bele wa modingwana a hlabiswe dihlong, Maraduke wa modingwana a tlale tshabo. Medimo ya bohata e tla hlabiswa dihlong, medingwana ya Babilona e tlale tshabo.’ 3 Tjhaba se tswang leboya se tla e futuhela, se fetole naha ya Babilona e be nanaola. Ha ho na ya tla phela ho yona, ho tla baleha batho le diphoofolo.” Ho kgutla ha Baiseraele 4 “Matsatsing ao, ka yona nako eo,” ho rialo Morena, “Baiseraele le Bajuda ba le mmoho, ba tla batla Morena, Modimo wa bona, ka dikgapha. 5 Ba tla botsa tsela e yang Sione, fahleho tsa bona di tadime tseleng eo. Ba tla tla, ba ineele Morena, ba etse selekane sa kamehla yohle, selekane se ke keng sa hlola se lebalwa. 6 “Setjhaba sa ka ke dinku tsa malahleha, badisa ba sona ba ile ba se kgelosa, ba etsa hore se solle hodima dithaba. Se lelerile hodima dithaba le maralla, sa lebala baka sa sona sa ho phomola. 7 Bohle ba se fumanang ba itjella sona, dira tsa sona tsa re: ‘Rona ha re na molato, hoba se sitetswe Morena, e leng kgulo la sona la sebele, Morena, yena tshepo ya bo-ntata sona.’ 8 “Tswang kahara Babilona le balehe, tlohang naheng ya Bakalatiya, le be jwaloka podi tse etellang mohlape pele. 9 Ke tla etsa letsoso hara naha tse matla, hara naha tse matla tsa ka leboya, di futuhele Babilona, di ikentse kgokanyana phiri. Di tla thulana le yona thekong ya ntwa, e hapuwe ke tjhaba tse hlahang ka leboya. Metsu ya tsona e tla ka mohlabani ya masene, ya sa ke be a kgutle ntweng a se na kgapo. 10 Kahoo Babilona e tla ba lelobelo, bohle ba e lobelang ba ikgapele ka ho rata,” ho rialo Morena. Ho hlolwa ha Babilona 11 “Lona ba lobetseng lefa la ka, le hoja le thabile, le nyakaletse, le ralotsa sa sethojana se qeta ho pola mabele, le tsetsela jwaloka poho tsa dipere, 12 mma lona o tla hlabiswa dihlong haholo, yena ya le belehileng o tla tlontloloha; e tla ba tjhabana se nyedisehang hara ditjhaba, a fetohe lefeella, letswatlare le lehwatata. 13 Ka baka la hobane Morena a halefile, Babilona ha e ka ke ya eba le baahi, e tla fetoha nanaola kahohlehohle. Bo-mofeta-ka-tsela ba tla e makalla! Ba tsote ha ba bona dikotlo tsa yona! 14 “Lona bohle ba fulang ka diqha, theang theko, le potapote Babilona, le e fule, ho se be le motsu o salang, hobane Babilona e sitetswe Morena. 15 Hlabelang Babilona mokgosi kahohle! E a inehela, tora tsa yona di a heleha, le marako a yona a a heletswa, hobane phetetso ena ke ya Morena. Le lona iphetetseng ho yona, le e etse seo e se entseng ba bang. 16 Fedisa mojadi Babilona, le mokotudi ka sekele ya hae a fele. Ka baka la ho tshaba sabole ya mohatelli motho ka mong a kgutlele tjhabeng sa habo, motho ka mong a balehele naheng ya habo.” Ho kgutla ha Baiseraele 17 “Baiseraele ke mohlape o qhalakaneng, oo ditau di o manakisang. Wa pele wa ho ba ja ke kgosi ya Asiria, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a qetela ka ho ba bjabjaretsa masapo.” 18 Ka baka leo, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Ke tla otla kgosi ya Babilona le naha ya yona, jwalokaha ke otlile kgosi ya Asiria. 19 Ke tla busetsa Baiseraele makgulong a bona, ba fule Karamele, ba fule le Bashane; ba fule thabeng ya Efraime, ba fule le Gileade, di ba fepe di be di ba kgorise. 20 Ka matsatsi ao, le ka nako eo,” ho rialo Morena, “bokgopo ba Baiseraele bo tla batlisiswa, empa ha bo ka ke ba ba ba fumaneha; le dibe tsa morabe wa Juda di tla batlisiswa, empa le tsona ha di ka ke tsa ba tsa fumaneha, hoba masalla ao ke tla a tshwarela.” Modimo o ahlola Babilona 21 “Futuhelang naha ya Merataime, le futuhele le baahi ba Pekode. Ba phaladiseng, le ba bolaye, le be le ba timetse ho hang,” ho rialo Morena. “Taelo tsa ka tsohle le di phethahatse. 22 Hara naha ho utlwahala mokgosi wa ntwa, tshenyo ya wona ke e kgolo haholo! 23 Bonang kamoo noto ya lefatshe lohle e pshatlehileng maqhetswana kateng! Kamoo Babilona e fetohileng nanaola kateng, ya fetoha nanaola hara baditjhaba! 24 Wena Babilona ke o tjhehetse leraba, la ba la o tshwasa o sa le ela hloko; o ile wa fumanwa, mme wa hapuwa, hobane o ile wa lwana, wa lwantshana le Morena. 25 Morena o butse ntlo ya dihlomo tsa hae, hlomo tsa kgalefo ya hae a di ntsha. Morena Modimo wa mabotho, o na le mosebetsi, mosebetsi oo a o etsang naheng ya Babilona. 26 Futuhelang Babilona le etswa hohle, disiu tsa yona le di qhaqholle; bokellang tsohle sa setha sa mabele, le di bokelle, le di senyetse ruri, le se ke la siya leha e le letho! 27 Bolayang bahlabani bohle, bahlabani ba Babilona, le ba theolele moo ba tla hlabelwa teng. Bomadimabe ba bona ke bo bokaakang! Tsatsi la kotlo ya bona le ba fihletse! 28 “Mamelang babalehi ba phonyohileng Babilona, ba phatlalatsa Sione hore Morena o a iphetetsa, Morena Modimo wa rona, o a phetetsa, o phetetsa Tempele ya hae. 29 “Bohle ba fulang ka diqha le ka metsu, ba bitseng bohle, ba futuhele Babilona, ba e etsetse sakana-la-nkope, ba se tlohele le ya mong a phonyoha. Putsang Babilona ka baka la ketso tsa yona, le e etse seo e ila se etsa ba bang, hobane Babilona e ikgantsheditse Morena, ya ikgatshetsa Ya Halalelang wa Iseraele. 30 Kahoo bahlankana ba yona ba tla shwela diterateng, bahlabani ba yona ba kgutsiswe ka tsatsi leo,” ho rialo Morena. 31 “Wena Babilona, moikgatshihadi towe wa motse! Bona, ke ya o lwantsha,” ho rialo Morena Modimo wa mabotho, “tsatsi la hao le se le fihlile, nako ya hore ke o nee kotlo ya hao. 32 Moikgantshi o tla kgothometseha a ba a we, ha ho na ya tla mo thusa ho mo emisa; ke tla hotetsa mollo motseng wa hae, o tla tjhesa tsohle tse mo potapotileng.” 33 Morena wa mabotho o bua tjena: “Setjhaba sa Iseraele se hateletswe, esita le sona setjhaba sa Juda. Bathopi ba sona ba se tshwere ka thata, ba hana ho se lokolla hore se tsamaye. 34 Empa Mopholosi wa sona o matla, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae, se tla buellwa ke yena nyeweng ya sona. Lefatshe le tla tseba ho fumana phomolo, baahi ba Babilona bona ba hloke kgotso. 35 “Sabole e supile setjhaba, tjhaba sa Bakalatiya,” ho rialo Morena. “Baahi ba Babilona le bona e ba supile, e supile babusi ba yona le bahlalefi! 36 E supile baporofeta ba bohata, baporofeta ba Babilona! Baporofeta bao ba tla fetoha dithoto. Bahlabani ba Babilona le bona e ba supile, bahlabani bao ba thothomela ke tshabo! 37 Sabole e supile le dipere tsa bona, ya supa le tsona kariki tsa bona tsa ntwa; e supile bohle bao e leng melata, kaofela ha bona ba tla fetoha basadi! Sabole e supile matlotlo a Babilona, kaofela ha wona matlotlo ana a tla hapuwa! 38 Sabole e supile mehlodi ya dinokana, metsi a tsona a tla psha kaofela, kahobane naha ena ke naha ya medingwana, medingwana e hlantshang batho ke ho e tshaba! 39 “Teng ho tla phela batana tsa naha le diphokojwe, dimpshe le tsona di phele moo. Ha ho sa tla hlola ho eba le baahi hape, ha ho ya tla phela teng ka mengwaha yohle. 40 Jwalokaha Sodoma le Gomora Modimo a na di timetse, a timetsa le metse e neng e ahelane le tsona,” ho rialo Morena, “ha ho na motho ya sa tla phela Babilona, ha ho na motho ya tla aha Babilona. 41 “Bonang, ho tla tla setjhaba se etswa leboya, tjhaba se matla, le dikgosi tse ngata, kgosi tse phepheditsweng di le dipheletsong tsa lefatshe. 42 Tjhaba seo se hlometse ka diqha le ka marumo; ke tjhaba se sehloho, tjhaba se hlokang mohau. Modumo wa sona ekare wa lewatle le hwasa. Tjhaba seo se tla se palame dipere tsa sona, se theile theko ya ntwa, se hlometse sa mohlabani, se a o futuhela, wena Moradi wa Babilona. 43 Kgosi ya Babilona e utlwetse tsa setjhaba seo, matsoho a yona a leketlile ke ho tepella; e tshwerwe ke mahlaba a ho tlallwa, mahlaba a kang a mosadi, mosadi a kena tlung. 44 Jwaloka tau e tswang morung wa Jorodane, e etswa ho ya makgulong a matalana, ka ho panya ha ntshi Babilona e tla lelekwa! Ba tla sireletswa ke mang ha ke ba otla? Ya ka tshwanang le nna ebe ke mang? Ya ka nkisang kgotla yena ke mang? Moetapele ke ofe ya ka nkemang kapele?” 45 Ka baka leo, utlwang diqeto tsa Morena, diqeto tseo a di etseditseng baahi ba Babilona: Batjha ba setjhaba ba tla hulanngwa, ka baka la bona naha ya bona e senngwe. 46 Fatshe le tla reketla ha ho utlwahala, ho utlwahala hore Babilona e se e hapilwe: Sello sa yona se tla utlwahala hara baditjhaba. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa