Jeremia 5 - BIBELESebe sa Jerusalema 1 “Nyolosang, le theose diterata, terata tsa Jerusalema; le qamake kahohle le hlokomele, le batlisise le mabaleng a motse; ha le ka fumana motho leha a le mong, motho ya etsang toka, ya batlang nnete, motse wa Jerusalema ke tla o tshwarela. 2 Leha ba hlapanya, ba re: ‘Ka Morena ya phelang,’ nnete ke hore ba hlapanya ka thetso.” 3 Morena, ha ke re wena o batla nnete? O ba otlile, ha ba a utlwa bohloko; o ba kgahlotse, ha ba a boela tseleng, ba thatafaditse fahleho tsa bona sa lejwe, ba hanne ho bakela dibe tsa bona. 4 Yaba nna ke re: “Bana ke bathwana ba hlokang tsebo, bao tsela ya Modimo ba sa e tsebeng, ba sa tsebeng taelo tsa Modimo wa bona. 5 Ke tla ya ho ba baholo, ke buisane le bona; tsela ya Morena bona ba a e tseba, ba tseba le taelo tsa Modimo wa bona.” Empa kaofela ha bona joko ba e robile, marapo le wona ba a kgaotse. 6 Kahoo tau tsa meru di tla ba bolaya, phiri tsa lehwatata di ba harolake, mangau a solle hara metse ya bona. Bohle ba tswelang kantle ba tla tsekollwa, hobane dibe tsa bona di ngatangata, bokwenehi ba bona bo feta tekanyo. 7 “Nka o tshwarela tsee ka baka lang? Bana ba hao ba mphuraletse, ba hlapanya ka medimo eo e seng medimo. Hoba ke ba fepe, ba je sa mpanaphatloha, ba ile ba ikabela ho etsa bofebe, ba hlolokana matlung a diotswa. 8 Ba ka poho tsa dipere tse fepehileng, tse batlang ho thokola, monna ka mong o lakatsa mosadi wa e mong. 9 Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka? 10 “Kenang hara merara ya sona le e robake, feela le se ke la e roba kaofela ha yona; makala a yona le a kgaole, hobane makala ao hase makala a Morena. 11 Ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda, ba ntlhoketse botshepehi haholo,” ho rialo Morena. Morena o furalla Baiseraele 12 Ba ile ba latola Morena, ba re: “Ha a ka ke a re etsa letho; bobe bo ke ke ba re wela hodimo, ntwa le tlala ha re sa tla di bona! 13 Baporofeta bona ke moya feela, ha ba na molaetsa o tswang ho Morena; a ba ke ba timele ke hona!” 14 Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, o re: “Kaha setjhaba se buile mantswe ana, bona, polelo tsa ka tse tswang molomong wa hao, ke tla di etsa mollo, tjhaba sena e be patsi e tjheswang ke wona. 15 Wena ntlo ya Iseraele,” ho rialo Morena, “ke tlisa tjhaba se tswang hole ho o futuhela, tjhaba sa kgale, sa boholoholo, tjhaba seo puo ya sona o sa e tsebeng, tjhaba seo leme le sona o sa le tsebeng. 16 Dihlajwa tsa sona di ka bitla le ahlameng, kaofela ke tjhaba sa dinatla, natla tsa bahlabani. 17 Se tla ja dijalo le dijo tsa hao, se je bara le baradi ba hao; se je mehlape ya dikgutshwane le ya dikgomo, se je morara le feiye ya hao. Metse e hahetsweng marako, eo o e tshepang, e tla timetswa ka sabole, e timetswe ke sera seo. 18 “Leha ho le jwalo,” ho rialo Morena, “le hona matsatsing ao ha ke na ho le fedisa ho hang. 19 Etlare ha batho ba botsa, ba re: ‘Ke ka baka lang ha Morena Modimo wa rona, a entse tsee tsohle ho rona?’ Wena o tla ba bolella hore Modimo o re: ‘Kaha le mphuraletse, la sebeletsa medimo esele mona naheng ya lona, kahoo le tla sebeletsa baditjhaba naheng eo e seng ya habo lona.’ ” Morena o eletsa setjhaba sa hae 20 “Bolelang tsena ho ba ntlo ya Jakobo, le di phatlalletse ba ntlo ya Juda, le re: 21 Mamelang tsena, lona tjhaba se sethoto, lona tjhaba se se nang kutlwisiso, tjhaba se nang le mahlo empa se sa bone, tjhaba se nang le ditsebe empa se sa utlwe: 22 Na ha le ntshabe?” ho rialo Morena. “Ha le thothomele keng ha le le kapele ho nna? Nna ya etseditseng lewatle moedi, ka o etsa ka lehlabathe, moedi o sa tloheng, oo le ke keng la o tlola? Maqhubu a ka tsudubutlana, a ka ke be a o tlosa! A ka kwasa a ratile, a ke ke be a o tlola! 23 Empa tjhaba sena se manganga, se fetohaka feela; se se se kgelohile, mme jwale se iketse. 24 Ha se sa bua le ka dipelo, sa re: ‘A re tshabeng Morena, Modimo wa rona, ya re nesetsang dipula tsa hwetla, le mafafatsane a selemo ka nako ya teng; ya sa keng a lebala ho re tlisetsa dinako tse sa fetoheng, nako tsa ho kotula.’ 25 Ditshito tsa lona di thibetse tsena, dibe tsa lona tsa le amoha melemo ena. 26 “Batho ba kgopo ba teng tjhabeng sa ka, ba lallang sa batshosi ba dinonyana, sa ba tjhehang difi hore ba kgate batho. 27 Jwalokaha serobe se ye se tlale dinonyana, matlo a bona le wona a tletse thetso, kahoo ba a matlafala, leruo la bona le ate. 28 Ba a rotoloha, ba be moropotsana, ketso tse kgopo tsa bona ke tse se nang moedi; ha ba ahlole dinyewe ka toka, ha ba buelle dikgutsana dinyeweng, ha ba lwanele tokelo tsa mafutsana. 29 Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka? 30 “Ntho e tshabehang, e nyonyehang haholo, e etsahetse kahara naha ena: 31 Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba kgema le baporofeta, tjhaba sa ka se rata ha taba di eme jwalo. Le tla etsang ha tsee di fihla qetellong?” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa