Jeremia 49 - BIBELEMorena o ahlola Baamone 1 Malebana le Baamone Morena o bua tjena: “Na ebe Iseraele ha e na bara? Na ebe ha e na majalefa? Ho ya kang ha ba kgumamelang Milekome, e le bona ba jeleng lefa la Gade? Ho ya kang ha metseng ya Gade jwale ho se ho phela bona? 2 Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla hlaba mokgosi, ke o hlabele Raba ya Baamone: Raba e tla fetoha qubu ya masupi, metse ya yona e tjheswe ke mollo. Jwale Baiseraele ba tla hapa naha ya bona, ba e hape ho ba neng ba e hapile pele,” ho rialo Morena. 3 “Bokolla, wena Heshebone, hobane Ai e timeditswe! Howeletsang lona baahi ba Raba! Aparang tse mahwashe, le hlomohe! Tjhalakang, le ye hohle kahara marako, hobane Milekome, modingwana bona, o tla thopuwa, a thopuwe le baprista le mahosana a hae. 4 Ho ya kang le ithorisang ka kgohlo tsa lona, le ithorisang ka kgohlo tsa lona tse manoni? Wena moradi ya hlokang botshepehi, wena ya tshepileng maruo a hae, ya reng: ‘Ke mang ya tla mphutuhela?’ 5 Bona, ke tla o tlisetsa tshabo, o tshabe bohle ba o potapotileng,” ho rialo Morena, Morena wa mabotho. “Kaofela ha lona le tla lelekwa naheng ena, ha ho ya tla phutha baphaphathehi ba lona. 6 “Hamorao ke tla boela ke atlehisa Baamone,” ho rialo Morena. Morena o ahlola Baedomo 7 Malebana le Baedomo Morena o bua tjena: “Na ebe Temana ha ho sa na bohlale? Na ba bohlale ha ba sa na dikeletso? Na bohlale ba bona bo se bo fedile? 8 Kgutlang, le balehe, le ipate ka mahaheng, lona baahi ba motse wa Dedane, hobane ke tla dihela Esau koduwa, ke mo dihele yona ha ke mo otla. 9 Haeba bakotudi ba morara ba ka tla ho lona, na ba ke ke ba siya makgwahlapiso? Haeba mashodu a ka fihla e le bosiu, na a ke ke a utswa a itekanyetsa? 10 Ke tla hlobodisa Esau a be feela, baka tseo a ipatang ho tsona ke di pepese, hoo a ke keng a hlola a tseba ho ipata. Bana ba hae, bang ka yena, ba ahisaneng le yena, bana bohle ba tla timela, yena a ke ke a hlola a eba teng. 11 Tlohelang dikgutsana tsa lona, bophelo ba tsona ke tla bo sireletsa, bahlolohadi ba lona le bona ba ntshepe.” 12 Morena o bua tjena: “Haeba ba sa lokelang ho nwa senwelo, ba se nwele, lona nke ke ka le otla hobaneng? Le tla otlwa, mme senwelo sena le tla se nwa. 13 Ke ikanne,” ho rialo Morena, “Bosera e tla fetoha lesupi, e be sesomo, e nyedisehe, mme e rohakehe; metse yohle ya yona e tla fetoha masupi a kamehla yohle.” 14 Ke fumane molaetsa o tswang ho Morena, leqosa le rometswe ho baditjhaba hore le re: “Kgobokanang mmoho le futuhele Edomo! Emang, le itokisetse ntwa!” 15 “Ke tla le nyenyefatsa, ke le nyenyefatse hara baditjhaba, batho bona ba le nyedise! 16 Boikakaso ba hao bo u thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya phelang ka mafarung a mafika, wena ya ahileng maralleng a phahameng. Le hoja o ahile hodimo jwaloka ntsu, ke tla o theolela tlase,” ho rialo Morena. 17 “Edomo e tla fetoha nanaola, bo-mofeta-ka-tsela ba e makalle, e fotohe sekgobo sa kamehla yohle, ba tsote ha ba bona dikotlo tsa yona. 18 Jwalokaha Sodoma le Gomora di ile tsa timetswa, tsa timetswa le metse e di potapotileng,” ho rialo Morena, “kahoo ha ho ya tla phela ho yona, ha ho motho ya tla aha motseng oo. 19 “Jwaloka tau e tswang merung ya Jorodane, e etswa ho ya makgulong a matalana, ka ho panya ha ntshi Edomo ke tla e leleka, ke e leleke naheng e le ya yona. Ba tla sireletswa ke mang ha ke ba otla? Ya ka tshwanang le nna ebe ke mang? Ya ka nkisang kgotla yena ke mang? Moetapele ke ofe ya ka nkemang kapele?” 20 Ka baka leo, utlwang diqeto tsa Morena, diqeto tseo a di etseditseng baahi ba Edomo, merero eo Morena a e rerileng, a e rerela baahi ba Temana: Batjha ba setjhaba ba tla hulanngwa, ka baka la bona naha ya bona e senngwe. 21 Etlare ha ba ewa lefatshe le reketle, seboko sa bona se yo utlwahala, se utlwahale Lewatleng la Lehlaka. 22 Ntsu e tla solla hodimo, e ubelle, e thathalatse mapheo a yona, e a thathalatse hodima Bosera. Pelo tsa bahlabani ba Edomo, ka tsatsi leo, di tla ka pelo ya mosadi, mosadi a kena tlung. Morena o ahlola Damaseka 23 Malebana le Damaseka Morena o re: “Baahi ba Hamate le ba Arepade ba tsielehile, hobane ba utlwile taba tse bohloko. Pelo tsa bona di nyahame haholo, di tshwenyehile sa lewatle le tsudubutlana. 24 Damaseka e se e fokola, e phekgohile, e hlanola tlhabela, tshabo le yona e se e e fihletse; bohloko bo e tshwere le mahlaba a e tshwere, mahlaba a kang a mosadi, mosadi a kena tlung. 25 Jo! Motse o tummeng o furaletswe! Motse wa Damaseka o nkgahlang haholo! 26 Ruri bahlankana ba wona ba tla bolawa diterateng, bahlabani ba kgutsiswe mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena wa mabotho. 27 “Marako a Damaseka ke tla a tjhesa, qhoboseheane tsa Bene-Hadade ke di timetse!” Morena o ahlola Kedare le Hasore 28 Malebana le Kedare le mebuso ya Hasore, eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a e futuhela, Morena o re: “Ema, o futuhele baahi ba Kedare, baahi ba botjhabela o ba timetse. 29 O hape tente tsa bona le mehlape ya bona, le maphephe a bona o bo a nke, o nke thepa yohle ya bona le dikamele. Batho ba tla howeletsa, ba re ho bona: ‘Matshabeho a le potapotile kahohle!’ 30 “Balehang kapele, ka ho potlaka! Ipateng mafarung lona baahi ba Hasore,” ho rialo Morena. “Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, morero wa ho le futuhela o se a o rerile, moralo wa ho le futuhela o se a o radile. 31 “Emang le futuhele tjhaba se iketlile, tjhaba se iphelela, se ena le letshepa, tjhaba se se nang dikgoro, se se nang le mekwallo, tjhaba se iphelelang se le inotshi feela,” ho rialo Morena. 32 “Kamele tsa sona e tla ba lelobelo, mehlape ya sona e mengata e tla hapuwa. Ba bakeng tse hole ke tla ba qhalanyetsa hohle, ke ba dihele koduwa ka mahlakore wohle,” ho rialo Morena. 33 “Hasore e tla fetoha lehae la diphokojwe, e be nanaola ya kamehla yohle; ha ho na motho ya tla phela ho yona, ha ho na motho ya tla aha ho yona.” Morena o ahlola Elame 34 Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia, malebana le Elame, mehleng ya ha Sedekiya, kgosi ya Juda, a ne a qala ho busa, la re: 35 Morena wa mabotho o bua tjena: “Bona, seqha sa Baelame ke tla se roba, e leng sona se ba matlafaditseng. 36 Ke tla ba pepetla ka meya e hlaha hohle, e hlaha qoleng tse nne tsa lefatshe. Ke tla ba qhalanyetsa qoleng tse nne tsa lefatshe, ha ho na le setjhaba le se seng seo baphaphathehi ba Elame ba sa tlo fihla ho sona. 37 Baelame ke tla ba qhemetsa, ke ba qhemetse mahlong a dira tsa bona, mahlong a ba batlang ho ba bolaya; ke tla dihela koduwa hodima bona, ke ba dihele kgalefo ya ka, kgalefo e tlokomang,” ho rialo Morena. “Ke tla romela mara a ba phaladise, a ba phaladise ka sabole, a ba timetse. 38 Ke tla hloma terone ya ka Elame, ke timetse kgosi ya yona le mahosana a yona,” ho rialo Morena. 39 “Empa ke tla boela ke atlehisa Elame, ke e atlehise ka matsatsi a tlang,” ho rialo Morena. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa