Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jeremia 48 - BIBELE


Moabe e a timetswa

1 Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua ka Moabe, o re: “Ho madimabe Nebo, hobane e ripitlilwe, Kiriataime ba e tlontlolotse, ba e hapile, qhobosheane ba e tlontlolla, ba e thuaka.

2 Moabe ha e sa tla hlola e roriswa, ba Heshebone ba e reretse ho e timetsa, ba re: ‘Tloong re fedise botjhaba ba yona.’ Le lona baahi ba Madamene le tla timetswa, sabole le yona e le phaladise.

3 Sello se tla utlwahala se etswa Horonaime, sello sa tshenyo e kgolo le nanaola.

4 Moabe e tla ripitlwa, sello sa masea a yona se utlwahale.

5 Ba nyoloha ka tsela e yang Lohite, ba nyolohela teng ba ntse ba lla; tseleng e theohelang Horonaime ho utlwahala dillo tse reng: ‘Koduwa!’

6 Balehang le tle le ipholose, le ke tonki e hlaha ya lehwatata.

7 Kaha le tshepile ketso tsa lona le maruo a lona, le lona Bamoabe le tla thopuwa; Kemoshe le yena o tla thopuwa; a thopuwe le baprista ba hae, a thopuwe le mahosana.

8 Metse yohle e tla futuhelwa, e futuhelwe ke motimetsi, ha ho motse le o mong o tla phonyoha. Ba phelang ka kgohlong ba tla ripitlwa, ba phelang dithoteng le bona ba timetswe, hobane Morena o boletse jwalo.

9 Neang Bamoabe mapheo ba fofe, ba fofe ba ikele hole, hobane metse ya bona e tla fetoha masupi, e fetohe masupi a hlokang baahi.

10 “Ya sa natseng mosebetsi wa Morena a rohakehe! Ya sa tsholleng madi ka sabole a rohakehe!”


Metse ya Moabe e a timetswa

11 “Moabe e iketlile ho tloha botjheng ba yona, e ka veine eo ditshifa tsa yona di qitileng, e sa rokollelweng dinkgong ka ho fapana, le bothopuweng Moabe ha e eso ka e iswa; kahoo boleng ba yona e ntse le ba pele, le monko wa yona ha wa fetoha.

12 Ka baka leo, bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla romella barokolli ba dinkgo, mme bona ba tla e rokollela fatshe; dinkgo tsa yona ba tla di tsholla, mepotjwana ya bona yona ba e pshatlake.

13 Jwale Moabe e tla hlabiswa dihlong ke Kemoshe, jwalokaha Baiseraele dihlong di ile tsa ba hlaba, mehleng ya ha Bethele e ne le tshepo ya bona.

14 “Le ka ipolela jwang, la re ‘Rona re bahlabani, rona re dinatla tsa dikwakwariri ntweng?’

15 Moabe e tla timetswa metse ya yona e futuhelwe, tjhatjha ya yona e we thekong ya ntwa,” ho rialo Kgosi bitso la yona ke Morena wa mabotho.

16 “Ho wa ha Moabe ho se ho le haufi, koduwa ya yona e tla fihla e potlakile.

17 Lona ba ahisaneng le Moabe e lleleng, lona bohle ba tsebang botumo ba yona, le re: ‘Lere la puso le la matla le robehile, molamu o tlotlehang o robehile!’

18 “Lona tjhaba se ahileng Dibone, theohang moo tlotleng ya lona, le dule fatshe, mobung o dipekane, hoba ya timetsang Moabe o tla le futuhela, a ripitle metse ya lona e haheleditswe.

19 Lona ba ahileng Arowere, emang kathoko ho tsela le shebisise, le botse baphaphathehi ba banna le ba basadi, le ba botse, le re: ‘Ho etsahetse dife?’

20 Moabe e tlontlolotswe hobane e tamukane! Bokollang, le be le howeletse haholo, le phatlalletse baahi ba Arenone, le phatlalatse hore Moabe e timeditswe.

21 Kahlolo e fihlile ka dihlabeng, e fihlile Holone le Jahase le Mefarata;

22 ya fihla Dibone, Nebo le Bete-Dibelataime,

23 ya fihla Kiriataime, Bete-Gamule le Bete-Meone,

24 ya fihla Keriote, ya fihla Bosera, metseng yohle ya Moabe e hole le e haufi.

25 Naka la Moabe le robehile, le letsoho la yona le phukgehile,” ho rialo Morena.


Moabe e tla kokobetswa

26 “Tahisang Moabe, hoba e ikakaseditse Morena, e tloheleng e qhafutse kahara mahlatsa a yona, e tloheleng e fetohe, e be sesomo.

27 Na hase Moabe e neng e soma Baiseraele? Na e kila ba fumana ba le hara mashodu, hoo e thukuthang hlooho ha e bua ka bona?

28 Lona baahi ba Moabe tswang metseng ya lona, le yo iphelela kwana hara mafika, le ke leeba le hahang sehlaha sa lona, le se hahang dintshing, ntshing tsa faru la lefika.

29 “Boikgantsho ba Moabe re bo utlwile, boikgantsho bo boholo le mabela a yona, boikgantsho ba yona le bona boikakaso, esita le mabifi a pelo ya yona.

30 Bokakalope ba Moabe ke a bo tseba, empa ke bokakalope bo se nang thuso,” ho rialo Morena, “ho ipoledisaka ha yona ha ho na molemo.

31 Ka baka leo, ke llela Moabe, ke llela baahi bohle ba Moabe, ke llela banna ba Kire-Harese.

32 Wena morara wa Sibema ke a o llela! Ke o llela le ho feta baahi ba Jasere! Makala a morara wa Sibema a thathaletse, a thathaletse ho ya fihla lewatleng la Jasere, mosenyi o lobetse ditholwana, tholwana tsa lehlabula, o lobetse tholwana tsa morara wa hao.

33 Rapeng tsa difate le masimong a Moabe, thabo le monyaka ha di sa fumanwa. Ke thibetse ho tswa ha veine, ho tswa ha yona ditlhotlelong, ha ho ya tlhotlang morara ka mehoo ya thabo. Le hoja mehoo yona e ntse utlwahala, mehoo eo hase mehoo ya thabo.

34 “Baahi ba Heshebone le ba Elele ba a lla, sello sa bona se utlwahala Jahase, se utlwahala ho tloha Soware ho ya fihla Horonaime, se be se yo utlwahala le Egelate-Sheleshiya, hoba le metsi a Nimerime a se a pshele.

35 Ba etsetsang dinyehelo dibakeng tsa borapedi, le ba tjhesetsang medimo ya bona mokubetso, ke tla ba thibela ho etsa jwalo naheng ya Moabe,” ho rialo Morena.

36 “Kahoo pelo ya ka e llela Moabe sa lekodilo, sa lekodilo le llela banna ba Kire-Harese, hoba matlotlo a bona a se a ba feletse.

37 Dihlooho kaofela di lekorana, ditedu kaofela ba di beotse, matsoho kaofela ba a phatsitse, matheka ba a tlamme ka tse mahwashe.

38 Hodima matlo wohle a Moabe, le hara diterata tsohle tsa yona, ha ho letho, haese dillo feela, hobane Moabe ke e pshatlile, ka e pshatla sa mopotjwana o seng o sa natswe ke motho,” ho rialo Morena.

39 “Utlwahatsang sello sena: Bonang, Moabe e fetohile lesupi! Bonang kamoo e balehang kateng e le dihlong! Moabe e se e fetohile sesomo, e fetohile setsoto ho ba ahelaneng le yona.”


Kahlolo ya Moabe

40 Morena o bua tjena: “Bonang, ntsu ke eo e ubella, e thathaladitse mapheo hodima Moabe,

41 metse yohle e tla hapuwa, diqhobosheane le tsona di kenwe. Mohlang oo pelo tsa bahlabani ba Moabe di tla tshwana le pelo ya mosadi, mosadi a kena tlung.

42 Botjhaba ba Moabe bo tla fediswa, hobane e ikakaseditse Morena.

43 Tshabo le lemena le leraba di le fumane, di fumane lona baahi ba Moabe,” ho rialo Morena.

44 “Ya balehang ke ho tshaba o tla wela ka lemeneng, ya tswang ka lemeneng raba le tla mo tshwasa. Tsena tsohle ke tla di tlisetsa ba Moabe, ke ba tlisetse tsona ka lemo sa kotlo ya bona,” ho rialo Morena.

45 “Baphaphathehi ba eme moriting wa Heshebone, ba eme teng ba qetilwe ke mokgathala, hobane mollo o hoteditswe wa hotetswa ka Heshebone, malakabe a laima a etswa tlung ya Sihone, a laima a tjhesa lehae la Bamoabe, a fedisa tlotla ya baikgantshi.

46 O madimabe hakaakang, wena Moabe! Tjhaba sa Kemoshe se fedile kaofela, bara ba hao ba isitswe bothopuweng, baradi ba hao le bona ba thopilwe!

47 “Empa hamorao ke tla boela ke atlehisa Moabe, taba tsa Moabe di boele madulong,” ho rialo Morena. Kahlolo ya Moabe e fella mona.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan