Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jeremia 45 - BIBELE


Tshepiso ya Modimo ho Baruke

1 Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, yare hoba Baruke, mora wa Neriya, a qete ho ngola mantswe a tswang molomong wa Jeremia, a a ngole bukeng, Jeremia a re ho yena:

2 “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ho wena Baruke:

3 O itse: ‘A nna elwa! Morena o phaeletse maswabi a ka ka mahlomola; ke kgathetse ke ho fehelwa, ha ke na phomolo!’

4 “Wena Jeremia, o tle o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Bonang, seo ke ileng ka se haha ke tla se heletsa; seo ke se hlommeng ke se motsule lefatsheng lohle.

5 Na wena o ipatlela tse kgolo? Se ke wa di batla, hobane ke tla dihela koduwa hodima batho bohle, ho rialo Morena, empa wena ke tla o baballela bophelo ba hao hohle moo o yang teng.’ ”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan