Jeremia 39 - BIBELEHo wa ha Jerusalema 1 Ka kgwedi ya leshome ya selemo sa borobong sa puso ya Sedekiya, kgosi ya Juda, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema ka mabotho a hae wohle, a e etsetsa thibella. 2 Ka letsatsi la borobong la kgwedi ya bone, ya selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya Sedekiya, marako a motse a heletswa. 3 Mahosana wohle a kgosi ya Babilona a fihla a dula Monyakong o Bohareng, e leng bo-Neregale-Sharesere ya tswang Samogare, le Nebo-Sare-Sekime, molaodi e moholo, le Neregale-Sharesere, e leng molaodi wa sehlooho, le mahosana wohle a kgosi ya Babilona. 4 Yare ha Sedekiya, kgosi ya Juda, le bahlabani bohle ba ba bona, ba baleha; ba tswa motseng bosiu, ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e lebang tshimong ya kgosi, ba balehela lehwatateng. 5 Empa lebotho la Bakalatiya la ba phaladisa, la tshwara Sedekiya phuleng ya Jeriko. La mo tshwara, la mo isa ho Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a le Ribela, naheng ya Hamate, moo a ileng a mo ahlolela hona teng. 6 Kgosi ya Babilona ya bolaya bara ba Sedekiya moo a ntseng a ba shebile, ya ba bolaela hona moo Ribela. Kgosi ya Babilona ya bolaya le mahosana wohle a Juda. 7 Jwale ya honya mahlo a Sedekiya, ya mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ho mo isa Babilona. 8 Bakalatiya ba tjhesa ntlo ya kgosi le matlo wohle a setjhaba ka mollo, ba heletsa le marako a Jerusalema. 9 Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, a ba isa Babilona hammoho le ba neng ba ile ba ineela ho yena, le masalla wohle a setjhaba. 10 Empa Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a tlohela karolo e nngwe ya mafutsana a naheng ya Juda, mme a a fa masimo a dijo le dirapa tsa morara. Jeremia o a lokollwa 11 Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a fana ka taelo malebana le Jeremia, a re ho Nebusaradane, molaodi wa balebedi: 12 “Mo nkeng le mo hlokomele, le se ke la mo etsa hampe, le mpe le mo etsetse tsohle tseo a tla le kopa tsona.” 13 Yaba bo-Nebusaradane, molaodi wa balebedi, le Nebushasebane, mookamedi wa bahlanka, le Neregale-Sharesere, mookamedi a meholo, le balaodi bohle ba kgosi ya Babilona, 14 ba laela hore ho ntshwe Jeremia ka lebaleng la tjhankana, ba neelane ka yena ho Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore a ye le yena lapeng ha hae. Jeremia a nna a phela hara setjhaba sa habo. Ebede-Meleke o tshepiswa ho pholoswa 15 Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia ha a ne a ntse a kwaletswe ka lebaleng la tjhankana, la re: 16 “Tsamaya, o yo bua le Ebede-Meleke wa Mokushe, o re ho yena: ‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bona, ke tla phethahatsa lentswe la ka malebana le motse ona. Ke tla o dihela koduwa, e seng katleho. Tsena di tla phethahatswa moo o ntseng o bona. 17 Empa ka lona letsatsi leo, ke tla o pholosa, ho rialo Morena. Ha ho ka ke ha neelanwa ka wena matsohong a bao o ba tshabang. 18 Ruri ke tla o pholosa, o ke ke wa bolawa ka sabole. O tla pholoha, hobane o ntshepile, ho rialo Morena.’ ” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa