Jeremia 30 - BIBELEBaiseraele ba tla kgutlela naheng ya bona 1 Lena ke lentswe la Morena le ileng la tla ho Jeremia, le re: 2 “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ngola mantswe wohle ao ke o boleletseng wona bukeng.’ 3 Bonang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda se bothopuweng, ke tla se kgutlisetsa naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata sona, hore e be ya bona,” ho rialo Morena. 4 Ana ke mantswe ao Morena a neng a a bue malebana le setjhaba sa Iseraele le sa Juda. 5 Morena o bua tjena: “Re utlwile seboko se bakwang ke tshabo, seboko sa tshabo e seng sa kgotso. 6 Inahaneng ke hona, le be le botse: Na monna a ka beleha ngwana? Ke hobaneng ha banna ba itshwere matheka, ba itshwere sa mosadi a kena tlung? Ke hobaneng ha fahleho tsohle di pudufetse? 7 Jo, tsatsi leo le leholo haholo! Ha ho na le ka tshwanang le lona: Ke tsatsi la tlokotsi ya tjhaba sa ka, empa tjhaba seo se tla phonyoha ho yona. 8 “Ka tsatsi leo, ho rialo Morena mabotho, ke tla roba joko e molaleng wa sona, marapo a se tlammeng ke a kgaole, se se hlole se sebeletsa baditjhaba. 9 Se tla sebeletsa Morena, Modimo wa sona, se sebeletse Davida, kgosi ya sona, yena eo ke tla mmea ho ba kgosi ya sona. 10 “Ka baka leo, se tshabe letho, wena mohlanka wa ka Jakobo,” ho rialo Morena. “Se tsielehe, wena Iseraele, ke tla o pholosa o le bakeng se hole, ke lopolle tloholo tsa hao naheng ya bothopuwa; tjhaba sa ka se tla kgutla, se phele ka kgotso, se phele ka boiketlo, ho se ya se tshosang. 11 Ke na le wena, ke tla o pholosa,” ho rialo Morena. “Le hoja ka tla timetsa ditjhaba tsohle, tjhaba tseo le tletsatletseng hara tsona, wena ha nka ke ka o timeletsa ruri. Leha ke o kgalemela e tla ba ka toka, nke ke ka o tlohela ke sa o otla.” 12 Morena o bua tjena: “Maqeba a hao ke a sa foleng, kotsi tsa hao ke tse sa phekoleheng. 13 Ha ho ya o buellang nyeweng, diso tsa hao ha di na pheko, ha ho na tshepo ya hore o tla fola. 14 Bohle ba o ratang ba o lebetse, ha ba sa re letho ka wena; ke o otlile sa sera se o otla, ka o tuba sa ya sehloho a o tuba, ka baka la bongata ba makgopo a hao, hoba dibe tsa hao di ile tsa eketseha. 15 O llisetswang ke matshwenyeho a hao? Bohloko ba hao ke bo sa phekoleheng! Ka baka la bongata ba makgopo a hao, le ka baka la bongata ba dibe tsa hao, tsena ke entse hore di o hlahele. 16 Bohle ba o timetsang le bona ba tla timetswa, dira tsa hao tsohle di tla thopuwa. Ba o hanyapetsang ba tla hanyapetswa, ba o hapelang le bona ba tla hapelwa. 17 Ke tla o phekola, ke fodise maqeba a hao,” ho rialo Morena, “hoba ba ile ba o bitsa Molahluwa, ba re: Ena ke Sione e sa natsweng ke motho.” 18 Morena o bua tjena: “Ke tla kgutlisa tjhaba sa ka, ke se kgutlisetse naheng ya sona, lelapa ka leng ke le hauhele. Masupi a Jerusalema a tla tsoswa, le yona ntlo ya bokgosi e be e tsoswe. 19 Baahi ba yona ba tla bina dithoko, mehoo ya thabo le yona e utlwahale. Palo ya bona ke tla e eketsa, mme ha ba ka ke ba fokotseha. Ke tla be ke ba tlisetse tlotla, ba ke ke ba hlola ba nyediseha. 20 Bana ba bona ba tla tshwana le mehleng ya kgale, tjhaba sa bona se tsitse ke ntse ke se bona; bahatelli ba bona bohle ke tla ba otla. 21 Kgosi ya bona e tla hlaha hara bona, kgosana ya bona e be e mong wa bona; ke tla e atametsa, e be haufi le nna. Ya tla ba le sebete sa ho nkatamela ke mang?” ho rialo Morena. 22 “Lona le tla ba setjhaba sa ka nna ke be Modimo wa lona.” 23 Setsokotsane sa Morena se ferella se halefile, ke tsokotsane se puputlang se sa kgaotse; se tla theohela hodima hlooho tsa ba kgopo. 24 Kgalefo e tlokomang ya Morena ha e na ho kgaotsa ho fihlela Morena a phethile morero wa hae; mehleng e tlang le tla ultwisisa tsena hantle. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa