Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jeremia 21 - BIBELE


Ho hlolwa ha Jerusalema ho a porofetwa

1 Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia nakong eo kgosi Sedekiya a neng a rometse Pashahure, mora wa Malakiya, le moprista Sofonea, mora wa Maasiya. Ba re ho Jeremia:

2 “Re a o kopa: Ako re buelle ho Morena, hobane Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o a re futuhela. Mohlomong Morena o tla re etsetsa mohlolo jwalokaha a ne a etse ka nako e fetileng, mme eo a se ke a hlola a re futuhela.”

3 Yaba Jeremia o re ho bona: “Bolellang Sedekiya, le re:

4 ‘Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le tla hlolwa. Dihlomo tsa lona, tseo ka tsona le tla lwantsha kgosi ya Babilona le Bakalatiya ba le etseditseng thibella, ke tla di nka, ke di bokelle, ke di bee bohareng ba motse.

5 Nna ka seqo, ke tla le futuhela ka letsoho le otlolohileng, le matla, ke halefile, ke le bohale, kgalefo ya ka e tlokoma.

6 Ke tla otla baahi ba motse ona le diphoofolo: Bohle ba tla bolawa ke lefu la sewa.

7 Hamorao,’ ho rialo Morena, ‘ke tla neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, le ka bahlanka ba hae, le ka setjhaba sa hae, le ka masalla a sa bolawang ke lefu la sewa, le ka ba sa bolawang ka sabole, le ka ba sa bolawang ke sekoboto; ke tla neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Nebukadenesare o tla ba bolaya ka sabole. A ke ke a ba qenehela, leha e le ho ba utlwela bohloko, kapa ho ba hauhela.’

8 “O tle o re ho setjhaba sena: ‘Morena o bua tjena: Bonang mona, ke re le ikgethele hore na le nka tsela e isang bophelong kapa le nka tsela e isang lefung.

9 Ya tla sala motseng ona o tla bolawa ka sabole, kapa a bolawe ke sekoboto, kapa a bolawe ke lefu la sewa. Empa ya tla tswa a yo ineela ho Bakalatiya ba le etseditseng thibella, yena o tla phela, a ikgapele bophelo ba hae.

10 Ke reretse motse ona bobe e seng botle,’ ho rialo Morena. ‘Motse ona o tla wela matsohong a kgosi ya Babilona, mme yona e tla o tjhesa ka mollo.’ ”


Ntlo ya bokgosi ya Juda e a ahlolwa

11 “Hape bolella ba ntlo ya bokgosi ba Juda, o re: ‘Mamelang lentswe la Morena.

12 Oho, lona ba ntlo ya Davida, Morena o bua tjena: “ ‘Ahlolelang batho ka toka hoseng ha letsatsi ka leng, namolelang motlatlapuwa matsohong a motlatlapi, esere kgalefo ya ka ya laima malakabe, ya tuka hoo ho seng ya ka ba e tima, ka baka la bokgopo ba diketso tsa lona.

13 Morena o re: Lona baahi ba kgohlo ke a le futuhela, lona ba phelang hodima sehlaba se mafika, lona ba reng: “Re ka futuhelwa ke mang? Diahelong tsa rona ho ka kena mang?”

14 Morena o re: Ke tla le otla ho ya ka diketso tsa lona, ke hotetse hlaha merung ya lona, ke e tjhese, tsohle tse le potapotileng di tla timela.’ ”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan