Jeremia 20 - BIBELEQabang ya Jeremia le Pashahure 1 Ha Pashahure, mora wa moprista Imere, eo e neng e bile e le mookamedi wa Tempele ya Morena, a utlwa hore Jeremia o porofeta dintho tsena, 2 a re moporofeta Jeremia a shapuwe, a tlamellwe pakeng tsa dikoqo tse neng di le Monyakong wa Benjamine o kahodimo, pela Tempele ya Morena. 3 Ka letsatsi le hlahlamang, Pashahure a re Jeremia a lokollwe. Yaba Jeremia o re ho yena: “Lebitso leo Morena a o reileng lona hase Pashahure, empa ke Kahohle ke Matshabeho. 4 Morena o bua tjena: ‘Ke tla etsa hore o itshabe, le metswalle yohle ya hao e o tshabe. Metswalle eo ya hao e tla bolawa ke dira tsa yona ka sabole, mme tsena o tla di bona ka mahlo a hao. Baahi bohle ba Juda ke tla neelana ka bona matsohong a kgosi ya Babilona; yona e tla ba thopa, e ba ise Babilona, e ba bolaye ka sabole. 5 Maruo wohle a motse ona, le tsohle tse sebeditsweng ka thata, le dintho tsohle tsa bohlokwa, le matlotlo wohle a dikgosi tsa Juda, tsena tsohle ke tla neelana ka tsona matsohong a dira tsa bona. Dira di tla di hapa, di di nke, di ye le tsona Babilona. 6 Ha e le wena Pashahure, le bohle ba phelang tlung ya hao, le tla thopuwa, le iswe Babilona. O tla shwela teng, mme o epelwe teng, wena le metswalle yohle ya hao eo o e porofetetseng leshano.’ ” Jeremia o ipelaetsa ho Morena 7 Morena, o ile wa nthetsa, ka thetseha, wena o matla ho mpheta, mme o ntlhotse. Tsatsi lohle ba ntlepa ditsheho, motho ka mong o nnyekoletsa melomo. 8 Kamehla ha ke bua ke ye ke howe, ke meketse, ke re: “Moferefere le timelo!” Ka dinako tsohle ke a songwa, ke a nyatsuwa, ka baka la ho bolela lentswe la Morena. 9 Ha ke re: “Ha ke sa tla hlola ke bua ka Morena, ha ke sa tla hlola ke bolela bitso la hae,” ka pelong ya ka ntswe la hae ke malakabe, ke mollo o tukang kahara masapo a ka, ke se ke kgathetse ke ho hlola ke o bipile, ho o mamella le hona ho a ntshita. 10 Ke utlwa ba bangata ba ntse ba hweshetsa, ba re: “Kahohle ke Matshabeho! Mo hlahatseng! A re mo hlahatseng!” Metswalle ya ka yohle e laletse hore ke fose, e re: “Mohlomong a ka nna thetseha, yaba re tseba ho mo hlola ke hona, ra ba ra tseba le ho iphetetsa ka yena.” 11 Empa Morena o na le nna, o matla, o a tshabeha, kahoo bahlorisi ba ka ba tla kgothometseha. Ha ba ka ke ba ba ba hlola, ba tla hlajwa ke dihlong haholo, merero ya bona e ke ke be ya atleha, le dihlong tsa bona di ke ke be tsa lebalwa. 12 Empa wena Morena mabotho, wena ya hlahlobang ba lokileng, wena ya bonang botebo ba dipelo tsa batho, a nke ke bone ha o iphetetsa hodima bona, hobane nyewe ya ka ke e beile kapele ho wena. 13 Binelang Morena, le mo rorise! O pholositse bafumanehi matsohong a ba kgopo. 14 Ho ke ho rohakehe tsatsi la tswalo ya ka! Tsatsi leo ke belehilweng ka lona, tsatsi leo le se hlohonolofale! 15 Ho ke ho rohakehe ya ileng a behela ntate, yena ya ileng a mo thabisa, a re: “O tswaletswe ngwana moshanyana!” 16 Motho eo a ke a tshwane le metse, metse eo Morena a ileng a e timetsa ho se mohau. Motho eo a ke a utlwe dillo e sa le ka matjeke, mokgosi wa ntwa a o utlwe ha tadi e anyesa, 17 hoba ha a ka a mpolaya ke eso tswalwe, popelo ya mme ya eba lebitla la ka, mme ya eba moimana kamehla yohle. 18 Ekaba ke ne ke tswelang popelong ya mme, hore ke tlo bona ditsietsi le maswabi, bophelo ba ka ke bo qete ke le dihlong? |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa