Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jeremia 2 - BIBELE


Modimo o babeletse Baiseraele

1 Lentswe la Morena la boela la mphihlela, la re:

2 “Tsamaya o yo howeletsa hore baahi ba Jerusalema ba utlwe, o re Morena o bua tjena: “ ‘Ke hopola ho nkgomarela ha hao botjheng ba hao, kamoo o nthatileng kateng o sa le monyaduwa, wa ntshala morao lehwatateng, naheng eo ho sa jalwang, ho sa jalwang letho ho yona.

3 Ho Morena, Iseraele e ne halalela, e le dilopotsiya tsa kotulo ya hae; bohle ba di jang ba ne ba le molato, bobe bo ba wela hodimo,’ ” ho rialo Morena.


Sebe sa baholoholo ba Baiseraele

4 Lona ba ntlo ya Jakobo, le ba malapa wohle a ntlo ya Iseraele, utlwang lentswe la Morena.

5 Morena o bua tjena: “Baholoholo ba lona ba bone kgopo ba ka e le bofe, ha ba ile ba mphuralla, ba mathelaka mafeela, mme jwale ba fetohile mafeela?

6 Ke hobaneng ba sa kang ba botsa, ba re: ‘O kae Morena ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, yena ya ila re fetisa hara lehwatata, naheng ya mahlabathe le ya madumela; naha e sekaka, e leng naha ya matshabeho, eo ho seng ya kila tsamaya ho yona, eo motho a eso phele ho yona?’

7 Ke le tlisitse naheng e manoni, hore le je tholwana tsa yona le menate ya yona; empa ha le fihla le ile la e silafatsa, lefa la ka la le fetola manyala.

8 Baprista ha ba a ka ba re: ‘O kae Morena?’ Ditsebi tsa Molao ha di a hlola di sa ntseba, babusi ba setjhaba le bona ba mphetohela; baporofeta ba porofeta ka lebitso la Baale, ba latela medimo e ke ke ya ba thusa.”


Modimo o qosa setjhaba sa hae

9 “Kahoo ke tla le qosa,” ho rialo Morena, “ke be ke qose le tloholwana tsa lona.

10 Eyang hlekehlekeng tsa Kitime le ke le bone, le romele maqosa Kedare, le hlahlobe hantle, le bone na ho tjena ho kile ha eba teng.

11 Na tjhaba se teng se kileng sa fetola medimo ya sona, le hoja medimo eo e ne le ya bohata? Empa tjhaba sa ka se anantse nna, nna Tlotla ya sona, sa nkananya ka medimo e se na thuso.

12 Lona mahodimo tsotang, le makalle sena, le thothomele, le tshabe haholo,” ho rialo Morena.

13 “Tjhaba sa ka se entse dibe di le pedi: Se furaletse nna, diba sa metsi a phoroselang, sa itjhekela diqanthana tseo e leng tsa sona, qanthana tseo metsi a ke keng a ema ka ho tsona.”


Tholwana tsa ho se tshepahale ha Baiseraele

14 “Na Iseraele ke mohlanka ya tswetsweng e le lekgoba? Ho ya kang ha a sa fetohile lelobelo?

15 Tawana di a puruma, di a mo kgobolaka, naha ya hae di e fetotse nanaola, metse ya hae ke masupi, ha e na baahi.

16 Banna ba Nofe le ba Tahepanehese, le bona ba se ba mmeotse lekorana.

17 Na hase wena ya ipileditseng hoo ka ho furalla Morena, Modimo wa hao, nakong ya ha a ne a o tsamaisa tseleng?

18 O ratelang ho ya Egepeta ho ya nwa metsi a Shihore? O ratelang ho ya Asiria ho ya nwa metsi a Noka?

19 Bokgopo ba hao ke bona bo tla o otla, ho mphuralla ha hao hona ho o kgaleme. Imamele ke hona o ele hloko kamoo o babelwang ke bokgopo ba hao, ha o furalla Morena, Modimo wa hao, o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,” ho rialo Morena, Modimo wa mabotho.


Baiseraele ba hana ho kgumamela Morena

20 “Joko ya hao ke kgale o no e robe, marapo a yona wona wa a kgaola, wa re: ‘ha ke sa tla ba lekgoba la hao!’ Yaba o hlwella hodima maralla, tlasa difate tse talana wa lelera, wa paqama fatshe ho etsa bootswa.

21 Ke ne ke o hlomme sa morara o motlemotle, sa morara o jetsweng ka peo e butswitseng; jwale o ile wa mphuralla jwang, wa fetoha hlahlaane ya morara wa naha?

22 Leha o ka ba itlhatswa ka sota, wa itlhatswa ka sesepa se le sengata, ke tla nne ke bone letheba la molato wa hao,” ho rialo Morena Modimo.

23 “O ka bua jwang, wa re: ‘Ha ke a silafala; ha ke a ka ka petlapetla kamora bo-Baale?’ Hlahloba boitshwaro ba hao ba ka kgohlong, o nahane seo o ileng wa se etsa! O tshwana le kamele e palesitse, e parakanya, e kgaohanya tsela tsa yona;

24 o ka tonki e hlaha, e tlwaetseng lehwatata, e fofonelang moya ha e fihletswe ke takatso; ha e palesitse e ka thibelwa ke mang? Poho tse e batlang di ke ke tsa ikgathatsa, di tla e fumana ka kgwedi ya ho tlolelwa.

25 Kgaotsa ho tsamaya, oto le se fellwe ke meqathatso, mmetso wa hao o se omelle ke lenyora. Empa wena o itse: ‘Tjhe, ha ho na thuso! Nna ke ithatela medimo, medimo ya baditjhaba, mme ke tlameha hore ke e sale morao!’ ”


Baiseraele ba lokelwa ke kotlo

26 “Jwalokaha leshodu le hlajwa ke dihlong, le hlajwa ke dihlong ha le tshwerwe, Baiseraele le bona ba hlajwe ke dihlong jwalo, bona le dikgosi le mahosana a bona, le baprista le baporofeta ba bona.

27 Ba re ho sefate: ‘Wena o ntata rona!’ Ho lefika ba re: ‘Rona re tswetswe ke wena!’ Ba mphuraletse, fahleho tsa bona ha di ntadime; athe ka nako ya ditsietsi ba re: ‘Ako tle, o re pholose!’

28 “E kae jwale medimo ya lona, medimo ya maiketsetso? A e ke e tle haeba e tseba ho le pholosa nakong ena ya lona ya ditsietsi! Palo ya metse ya hao, wena Juda, e lekana le palo ya medimo ya hao.

29 “Ke ka baka lang ha le phea kgang le nna? Kaofela ha lona le ba mphetohetseng,” ho rialo Morena.

30 “Ke otlile bara ba lona, empa thuso ha e yo; kgalemelo ya ka ba hanne ho e mamela; sabole tsa lona di jele baporofeta ba lona, tsa ba ja sa tau e harolakang.

31 “Lona ba moloko ona, mamelang lentswe la Morena: Na ke bile lehwatata ho Baiseraele, ka ka naha e lefifi ho bona? Ke ka baka lang ha tjhaba sa ka se re: ‘Rona re tla iketsetsa borata, ha re ka ke ra kgutlela ho wena?’

32 Na morwetsana a ka lebala mekgabiso ya hae, monyaduwa a lebala aparo tsa hae? Empa tjhaba sa ka sona se ntebetse, se ntebetse ka ditshiu di se na palo!

33 O hlalefetse tsela tsa ho batla lerato, o rutile le diotswa tsela tseo tsa hao.

34 Aparong tsa hao madi a fumanwe, madi a bafumanehi ba se nang molato, e seng madi a mashodu, dithuamatlo.

35 Empa wena o re: ‘Ha ke na molato! Ruri kgalefo ya Morena e tla mphapoha!’ Bona mona, nna ke tla o ahlola, hobane o re wena ha o a etsa sebe.

36 O lelera hakaale ka baka lang, o tsamaya o kgeloha tsela tsa hao? O tla hlabiswa dihlong ke Egepeta, jwalokaha Asiria e o hlabisitse dihlong.

37 Le moo Egepeta, o tla kgutla, o kgutle teng matsoho o a beile hloohong, hoba Morena o furaletse bao o ba tshepang, mme ba ke ke ba o fumantsha katleho.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan