Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jeremia 18 - BIBELE


Jeremia tlung ya sebopi sa dinkgo

1 Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho Jeremia, la re:

2 “Ema, o theohele tlung ya sebopi sa dinkgo, mme ha o le moo ke tla o bolella molaetsa wa ka.”

3 Yaba ke theohela tlung ya sebopi sa dinkgo, mme ka fumana se ntse se rita dinkgo ka lebidi la sona.

4 Nkgo eo sebopi se neng se e bopa ka letsopa ya senyeha se ntse se e bopa, yaba se boela se qala ho bopa e nngwe e tla se kgotsofatsa.

5 Jwale lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

6 “Na ke hore wena, ntlo ya Iseraele, nke ke ka o etsa jwalokaha sebopi se etsa ka letsopa la sona?” ho rialo Morena. “Seo letsopa le leng sona matsohong a sebopi, ke seo wena ntlo ya Iseraele, o leng sona matsohong a ka.

7 Neng kapa neng nka phatlalatsa hore ke tla fothola, ke heletse, ke timetse setjhaba kapa mmuso,

8 empa haeba setjhaba seo, seo ke neng ke se soketse, se bakela bokgopo ba sona, ke tla thibela koduwa eo ke neng ke se ke rerile ho e dihela hodima sona.

9 Neng kapa neng nka phatlalatsa hore ke tla thea setjhaba, ke hlomamise mmuso.

10 Empa haeba setjhaba seo se etsa bokgopo mahlong a ka, se sa mamele lentswe la ka, ke tla fetola maikutlo a ka malebana le molemo oo ke neng ke rerile ho se etsetsa wona.

11 “Ka baka leo, tsamaya, o yo bua le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: ‘Morena o bua tjena: Bonang mona! Ke ntse ke le ralla bobe, ke lokisa morero wa ho le otla. Motho ka mong a kgelohe tsela ya hae e kgopo, a tsamaye tseleng e lokileng, diketso tsa hae di be ntle.’

12 Empa bona ba re: ‘Ha ho sa na thuso! Re tla tswela pele mererong ya rona, motho ka mong a phethe ditakatso tsa pelo ya hae e kgopo, e manganga.’ ”


Setjhaba se furalla Morena

13 Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Lona botsisisang hara baditjhaba: Ya kileng a utlwa tse kang tsee ke mang? Morwetsana wa Iseraele o entse ntho e tshabehang haholo!

14 Na thabeng tsa Lebanone lehlwa le ka qhibidiha? Na metsi a maphodi, a tswang thabeng tseo, na metsi ao a ke a kgaotse ho phalla?

15 Empa tjhaba sa ka se ile sa ntebala, sa tjhesa mokubetso, sa o tjhesetsa medimo ya bohata; medimo ena e entse hore se be se kgoptjwe, se kgoptjwe ha se tsamaya tseleng tsa sona, ha se tsamaya tseleng tsa boholoholo; ya se hlahlathedisa tseleng tse kathoko, tse sa batallang, tse tletseng makukuno.

16 Naha ya sona se e fetotse nanaola, e fetohile sekgobo sa mehla yohle, bo-mofeta-ka-tsela ba ye ba e makalle, hlooho tsa bona ba be ba di thukuthe.

17 Mohla tsatsi la ho timetswa ha tjhaba sena, ke tla se furalla, se bone sekotlo feela, ke se hasanye kapele ho dira tsa sona, jwaloka moya o pukang o etswa botjhabela.”


Setjhaba se rera Jeremia

18 Yaba ba re: “Tloong, re loheleng Jeremia mano, hobane baprista ba tla nne ba be teng, ba re rute Molao; ba bohlale ba tla nne ba be teng, ba re eletse; le baporofeta ba tla nne ba be teng ho re bolella molaetsa. Tloong ke hona, re iqapeleng tseo re ka mo qosang ka tsona, re se ke ra natsa dipolelo tsa hae.”

19 Oho, Morena, ako mmamele! Utlwa seo baqosi ba ka ba se buang!

20 Na botle bo ka buseletswa ka bobe? Baqosi ba ka, ba ntjheketse lemena! Hopola, ke ile ka ema kapele ho wena, ka ba buella ho ba faposa kgalefo ya hao.

21 Etsa hore bana ba bona ba bolawe ke sekoboto, madi a bona a tshollwe ke sabole, basadi ba bona ba shwelwe ke bana ba bona, basadi ba bona e be bahlolohadi, banna ba bona ba bolawe ke lefu la sewa, bahlankana ba bona ba bolaelwe ntweng ka sabole.

22 Ba tlisetse batupi ka ho panya ha ntshi, seboko se utlwahale malapeng a bona, hoba ba ntjheketse lemena ke tle ke wele ka ho lona, ba tjhehetse maoto a ka leraba, ba le patile.

23 Wena Morena, o tseba merero ya bona yohle, merero ya bona ya ho mpolaya. Se ka ba tshwarela bokgopo ba bona, kapa wa tlosa sebe sa bona mahlong a hao; a ba ke ba ketolwe kapele ho wena, o ba otle nakong ena eo o ba halefetseng ka yona.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan