Jeremia 17 - BIBELESebe sa Bajuda le kotlo ya bona 1 “Sebe sa Bajuda se ngotswe ka pene ya tshepe, sa ngolwa pelong tsa bona, sa ngolwa ka daemane e le ntjhotjho, sa ngolwa le manakeng a dialetare tsa bona. 2 Le bana ba bona ba ntse ba hopola, ba hopola dialetare tsa bona, aletare tsa Ashera, tse tlasa fate tse talana tse hodima maralla. 3 Thaba ya ka le naha e e potileng, maruo le matlotlo wohle a lona, tsena ke tla fana ka tsona e be lelobelo, ke fane ka dibaka tsa lona, baka tsa lona tsa borapedi, ka baka la sebe se entsweng naheng ena yohle. 4 Ka baka la phoso tsa lona le tla lahlehelwa, le lahlehelwe ke lefa ke le file lona. Ke tla le etsa makgoba a dira tsa lona, ke le etse makgoba naheng eo le sa e tsebeng, hobane le entse hore kgalefo ya ka e tuke, e laime malakabe kamehla yohle.” 5 Morena o bua tjena: “Ho ke ho rohakehe ya itshepisitseng batho, yena ya tshepileng matla a letsoho la hae, eo pelo ya hae e furaletseng Morena. 6 O tla tshwana le sehlahla se metseng hara lehwatata, ha a ka ke a bona le tse molemo ha di etla. O tla aha matswatlareng a omeletseng a lehwatata, a ahe naheng e lenyekethe, e hlokang baahi. 7 “Ho lehlohonolo motho ya itshepetseng Morena, eo tshepo ya hae e leng yena Morena. 8 O tla tshwana le sefate se lemilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang pela molatswana. Ha se ke se tshoswa ke ho fihla ha lebatama, mahlaku a sona a matalana kamehla, ka nako ya komello ha se ke se tshwenyeha, kamehla se beha ditholwana tsa sona.” 9 Pelo e tletse mano ho feta dintho tsohle, e senyehile hoo e ke keng ya phekolwa, ke mang ya ka e utlwisisang? 10 “Ke nna Morena ya lekolang dipelo, mohopolo le wona o lekolwa ke nna. Ke putsa motho ho ya ka diketso tsa hae, ho latela tholwana tsa mesebetsi ya hae.” 11 Jwaloka nonyana e fuamang mahe e se a yona, ya ruang ka mano le yena o jwalo, bohareng ba bophelo ba hae maruo ao a tla mo fella, qetellong bothoto ba hae bo bonahale. 12 Terone e tlotlehang, e phahameng, haesale ho tloha tshimolohong, ke sona sebaka sa Sehalalelo sa rona. 13 Oho, wena Morena, tshepo ya Iseraele, bohle ba o furallang ba tla tlontlollwa, bohle ba o furallang ba tla timela, hoba ba furaletse Morena, diba sa metsi a bophelo. Jeremia o kopa thuso ho Morena 14 Mphodise, Morena, mme ke tla fola, mpholose, Morena, mme ke tla pholoha, hobane ke wena eo ke mo rorisang. 15 Ba ntse ba re ho nna: “Di kae dipolelo tsela tsa Morena? ha a ke a di phethahatse jwale!” 16 Nna ha ke a kgaotsa ho ba modisa ya o salang morao, ha ke eso labalabele tsatsi la ditsietsi, polelo tsa ka le wena o a di tseba. 17 Wena se ka etsa hore ke o tshohe, o setshabelo sa ka nakong ya ditsietsi. 18 Bahlorisi ba ka ba ke ba hlabiswe dihlong, nna ke se ke ka hlabiswa dihlong; etsa hore bona ba tshohe haholo, nna ke se ke be ka tshoswa ke letho. Ako ba tlisetse tsatsi la ditlokotsi, timetso ya bona o e phethahatse habedi. Ho boloka tsatsi la Sabatha 19 Morena o ile a bua tjena ho nna: “Tsamaya, o yo ema kgorong eo batho ba kenang ka yona, moo dikgosi tsa Juda di kenang di bileng di tswang le teng; o eme le dikgorong tsohle tsa Jerusalema. 20 O re ho bona: ‘Utlwang lentswe la Morena, lona dikgosi tsa Juda, le lona bohle ba morabe wa Juda, le lona baahi bohle ba Jerusalema, lona ba kenang ka dikgoro tsena. 21 Morena o bua tjena: Haeba le rata ho phela, itlhokomeleng, le se ke la nka thoto ka letsatsi la Sabatha, kapa la e kenya ka dikgoro tsa Jerusalema. 22 Le se ke la ntsha thoto ka matlung a lona, kapa la etsa mosebetsi ofe le ofe ka letsatsi la Sabatha. Empa lona le boloke letsatsi la Sabatha le halalela, jwalokaha ke ne ke laele bo-ntata lona moholo. 23 Feela ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe; ba ile ba satalatsa melala ya bona, hore ba se ke ba utlwa kapa hona ho ithuta. 24 Empa haeba lona le ka mmamela ka hloko,’ ho rialo Morena, ‘la se ke la kenya thoto ka dikgoro tsa motse ona ka letsatsi la Sabatha, la halaletsa letsatsi la Sabatha ka ho se etse mosebetsi ofe kapa ofe ka lona, 25 dikgosi tse dutseng teroneng ya Davida, mmoho le mahosana a tsona, di tla kena ka dikgoro tsa motse ona. Dikgosi tseo, mmoho le mahosana a tsona, di tla kena di palame dikariki tsa ntwa, di palame le dipere, di ena le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, mme motse ona o tla ba le baahi kamehla yohle. 26 Batho ba tla tla ba etswa metseng ya Juda, le dibakeng tse potapotileng Jerusalema; ba etswa le naheng ya Benjamine, le diphuleng, le dithabeng, le naheng e ka Borwa, ba tlise dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo, le dinyehelo tsa dijo, le mokubetso, le dinyehelo tsa teboho, ba di tlise ka tlung ya Morena. 27 Empa haeba le sa mmamele, le sa halaletse letsatsi la Sabatha, le kena ka dikgoro tsa motse wa Jerusalema le nkile thoto ka letsatsi la Sabatha, dikgorong tseo tsa Jerusalema ke tla besa mollo o ke keng wa tingwa, o tla tjhesa matlo a dikgosi tsa Jerusalema.’ ” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa