Jeremia 12 - BIBELEPelaelo ya Jeremia 1 Wena Morena, o lokile kamehla, ha ke bea nyewe ya ka kapele ho wena, o lokile, empa a nke ke bue le wena ka toka ya hao: Ke hobaneng ha ba kgopo ba atleha mererong ya bona? Ke hobaneng ha ba bolotsana ba phela ka boiketlo? 2 O ba hlomile, metso ya bona e tebile; ba a mela, ba beha ditholwana. Ba bua ka wena ka molomo feela, empa pelo tsa bona tsona di hole le wena! 3 Wena Morena, o ntseba hantle, o a mpona, o lekola menahano ya ka mabapa le wena. Ba hule sa nku e iswa tlhabong! Wena o ba beele kathoko, bakeng sa tsatsi la tlhabo ba beele kathoko. 4 Naha ee e tla dula e omeletse, e dule e omeletse ho fihlela neng, dimela di pone ho fihlela neng? Kahobane ba phelang naheng ena ba kgopo, diphoofolo le dinonyana di shwele. Ho feta mona, batho ba re: “Ha a na ho bona seo re se etsang.” Modimo o arabela Jeremia 5 “Ha o ila wa kgathala o ipeisa le batho, jwale dipere o tla ipeisa jwang le tsona? Haeba o ka kgoptjwa naheng e bataletseng, mahohoding a Jorodane o ka tsamaya jwang? 6 Bang ka wena esita le bana beno, bana le bona ba o ekile, ba kene hara letshwele ho o lwantsha, o se ka ba tshepa, leha ba o buisa hantle.” Morena o swabiswa ke tjhaba sa hae 7 “Ke furaletse ntlo ya ka, ka siya lefa la ka, moratuwa ka neelana ka yena, matsohong a dira tsa hae. 8 Lefa la ka le tshwana le tau ya moru; e a nthorela, kahoo ke e hloile. 9 Lefa la ka le tshwana le nonyana, nonyana e kgwarahlana, e ubellwang ke nonyana tse ding kamahohle. Tsamayang le yo phutha batana tsohle tsa naha, le di phuthe di tle moketeng. 10 Badisa ba bangata ba sentse tshimo ya ka, ba hataketse morara wa yona, ba o hatakela ka maoto, tshimo ya ka e ntle ba e fetola lehwatata. 11 Ba e fetotse lehwatata le omeletseng, le nkotlang pelo ha ke le bona. Naha yohle e fetohile lehwatata, hobane ha ho le ya mong ya e tsotellang. 12 Maralla wohle a lehwatateng a nyeunya basenyi, hobane sabole ya Morena e tla timetsa tsohle, e timetse dipheletso tsohle tsa lefatshe, ha ho le ya mong ya tla phela ka kgotso. 13 Ba jetse koro, ba kotula hlabahlabane, ba sebetsa ka thata, ba sebeletse lelea, kotulo ya bona e ba hlabisitse dihlong, ka baka la kgalefo ya Morena, kgalefo e tlokomang.” 14 Ho bohle ba kgopo, bao re ahisaneng le bona, ba hapang naha eo ke e neileng setjhaba sa ka sa Iseraele, Morena o bua tjena: “Ke tla ba tlosa dinaheng tsa bona, ba ntlo ya Juda ke ba ntshe kahara bona. 15 Ha ke se ke ba tlositse ke tla boela ke ba hauhela, mme setjhaba ka seng ke se kgutlisetse naheng ya sona. 16 Haeba ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, mme ba hlapanya ka lebitso la ka, jwalokaha ba ile ba ruta setjhaba sa ka ho hlapanya ka Baale, ba re: ‘Ka Morena ya phelang,’ ba tla tsitsa hara setjhaba sa ka. 17 Empa haeba setjhaba sefe kapa sefe se sa mamele, ke tla se fedisa ho hang, ke se timetse,” ho rialo Morena. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa