Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Jakobo 2 - BIBELE


Kotsi ya ho ba leeme

1 Bana beso, tumelo eo le nang le yona ho Jesu Kreste, Morena wa rona ya tlotlehang, le se ke la e kopanya le leeme.

2 Ho ka etsahala hore phuthehong ya lona ho kene monna ya rwetseng lesale la kgauta, ya apereng tse mahadihadi, ho be ho kene le mofutsana ya apereng tse marantha.

3 Ha le sheba ya apereng tse mahadihadi, ebe le re ho yena: “Wena, ako dule setulong sena se setle,” empa le re ho mofutsana: “Wena, ema mona,” kapa: “Dula fatshe mona maotong a ka,”

4 na ha le etse kgethollo? Na ha le baahlodi ba ahlolang ka bokgopo?

5 Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang?

6 Empa lona le hlompholotse mofutsana. Na hase barui ba le hatellang, ba le hulelang makgotleng?

7 Na hase bona ba nyefolang lebitso le letle la Kreste, leo le bitswang ka lona?

8 Ha le fela le phetha molao wa sehlooho, o ngotsweng Mangolong, o reng: “Rata wa heno jwalokaha o ithata,” le etsa hantle.

9 Empa ha le ena le leeme, le etsa sebe, mme molao o a le ahlola hobane le o tlotse.

10 Ha motho a boloka molao wohle, haese feela ntlha e le nngwe eo a e tlolang, o molato wa ho tlola molao kaofela,

11 hobane ya itseng: “O se ke wa feba,” o bile o itse: “O se ke wa bolaya.” Leha o sa febe, feela o bolaya, o tlotse molao.

12 Dipuo le diketso tsa lona e be tsa batho ba tla ahlolwa ka molao wa tokoloho.

13 Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.


Tumelo le mesebetsi

14 Bana beso, ho thusang hore motho a re o na le tumelo, empa a sa phethe mesebetsi ya yona? Na tumelo e jwalo e ka mo pholosa?

15 Ha ngwanabo rona kapa kgaitsedi ya rona a hlobotse, mme a hloka dijo tsa letsatsi le leng le le leng,

16 ho thusang hore e mong wa lona a re ho yena: “Ikele ka kgotso, o futhumale, o kgore,” feela a sa mo fa tse hlokahalang hore a phele?

17 Ka mokgwa o jwalo, tumelo e se nang mesebetsi e shwele shwi!

18 Empa e mong o tla re: “Wena o na le tumelo, nna ke na le mesebetsi.” Ako mpontshe tumelo ya hao e se nang mesebetsi, nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.

19 Ha ke re o dumela hore Modimo o mong feela? O etsa hantle; le bona bademona ba dumela jwalo, mme ba a thothomela.

20 Wena motho ya sethoto, na o rata ho tseba hore tumelo e se nang mesebetsi e nyopile?

21 Na ntata rona Aborahama ha a ka a lokafatswa ka mesebetsi, mohla a nyehelang ka mora wa hae Isaka aletareng?

22 O a bona he, tumelo e ne e tlatsana le mesebetsi ya Aborahama, le mesebetsi ya hae e ne e etsa hore tumelo ya hae e phethehe,

23 mme ho ile ha phethahala Mangolo a reng: “Aborahama o ile a dumela ho Modimo, mme hoo a ho ballwa e le ho loka,” a ba a bitswa motswalle wa Modimo.

24 Kahoo le a bona hore motho o lokafatswa ka mesebetsi, e seng ka tumelo feela.

25 Ho ile ha eba jwalo le ho Rahaba wa seotswa. Na ha a a ka a lokafatswa ka mesebetsi, mohla a amohelang dihlwela tsa Baiseraele, a ba a di kgutlisa ka tsela esele?

26 Efela jwalokaha mmele o se nang moya o shwele, le yona tumelo e se nang mesebetsi e shwele.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan