Isaia 9 - BIBELE1 Ha ho sa tla ba le lefifi ho ba neng ba le maswabing. Naha ya ba morabe wa Sebulone le ya ba morabe wa Nafthali e ile ya kokobetswa, empa ka nako e tlang, Morena o tla tlotla Galelea ya baditjhaba, e leng karolo e pela lewatle, e ikgohlileng ka Jorodane. Re tswaletswe Ngwana 2 Setjhaba se neng se phela lefifing, se bone lesedi le leholo; se neng se phela lefifing le letsholetsho, jwale se tjhabetswe ke lesedi. 3 O atisitse setjhaba, thabo ya sona wa e eketsa, sa thaba pontsheng ya hao, jwalokaha batho ba thabela kotulo, ba thabela ho arolelana kgapo. 4 Joko e neng e se imela, le molamu o neng o le mahetleng a sona, le thupa ya mohlorisi wa sona, tsena o di robile sa mohla o hlolang Bamede. 5 Seeta sa mohlabani ka mong, seaparo ka seng se sudubantsweng mading, tsena di tla akgelwa mollong, di tjheswe. 6 Rona re tswaletswe Ngwana, rona re filwe Mora, puso e tla ba mahetleng a hae, o tla bitswa Radimakatso le Moeletsi, Modimo ya matla, Rabosafeleng, Kgosana ya Kgotso. 7 O tla hodisa mmuso wa hae, o be le kgotso e sa feleng; o tla busa a le teroneng ya Davida, a okamele mmuso wa hae, a o tsitsise, a o tshehetse ka toka le ka ho loka kamehla le mehla. Tjheseho ya Morena mabotho e tla phethahatsa hona. Morena o tla otla Iseraele 8 Morena o rometse molaetsa, a o romela ho Jakobo, molaetsa oo o tobile tjhaba sa Iseraele. 9 Tjhaba sohle se tla o tseba, ba morabe wa Efraime le baahi ba Samaria, bona ba buang ka boikgantsho, le ka boikgohomoso, ba re: 10 “Lerako la ditene le helehile, re tla le tsosa ka majwe a betlilweng; fate tsa feiye di se di remilwe, bakeng sa tsona re tla lema dikedare.” 11 Morena o matlafaditse dira tsa Resine ho mo lwantsha, a di hlohleletsa hore di mo tsohele matla. 12 Baarame ba tswang botjhabela, le Bafilesita ba tswang bophirimela, ba kwentse Baiseraele bokwiditane: Leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse. 13 Tjhaba ha se a kgutlela ho ya se otlileng, leha e le ho batla Morena wa mabotho. 14 Ka tsatsi le le leng Morena o tla kgaola, a kgaole hlooho ya Iseraele le mohatla wa yona, a kgaole lekala, a kgaole le lehlaka. 15 Baholo le bahlomphehi ke yona hlooho, moporofeta wa bohata ke wona mohatla. 16 Baetapele ba tjhaba sena ba a se kgelosa, ebe ba tsamaiswang bona ba a timela. 17 Kahoo Morena ha a sa tla thabela batjha ba bona, dikgutsana le bahlolohadi ha a sa ba utlwela bohloko, hobane bohle ba kgopo, ke baetsadibe. Molomo wa e mong le e mong o a nyefola, leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse. 18 Ruri bokgopo bo tuka sa mollo, bo tjhesa hlabahlabane le meutlwa, bo hotetsa le meru e teteaneng, mosi o foqohe, o lebe hodimo. 19 Kgalefo ya Morena wa mabotho e tjhesa lefatshe, tjhaba e be dibeso tse fepelang mollo; ha ho ya tla qenehela ngwanabo. 20 Ba ja tse ka tsohong le letona, empa ha ba ke be ba kgore, ba je tse ka ho le letshehadi, le teng ba se ke be ba kgotsofale, motho ka mong a je nama ya tsoho la hae. 21 Ba morabe wa Manase ba tla ja ba wa Efraime, ba Efraime ba je ba morabe wa Manase, bobedi ba merabe ena bo je morabe wa Juda; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa