Isaia 7 - BIBELEMolaetsa ho khosi Akase 1 Mehleng ya puso ya Akase, kgosi ya Juda, eo e neng e le mora wa Jotame, le setloholo sa Usiya, bo-Resine, kgosi ya Arame, le Peka, mora wa Remaleya, kgosi ya Iseraele, ba futuhela Jerusalema, empa ba se ke ba e hlola. 2 Ha bolellwa ba ntlo ya Davida, ha thwe: “Baarame ba se ba fihlile naheng ya ba morabe wa Efraime.” Akase le setjhaba sa hae ba tshoha haholo, ba thothomela sa difate di tsukutlwa ke moya. 3 Morena a re ho Esaya: “Wena le mora wa hao Sheara-Jashube, tsamayang le yo kgahlanyetsa Akase. Le tla mo fumana qetellong ya mosele wa metsi a letshana le kahodimo, tseleng e yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela. 4 Le re ho yena: ‘Itlhokomele, o be sebete, o se ke wa tshaba, o se ke wa nyahamiswa pelo ke dikoqonyana tseno tse pedi tse kubellang, e leng kgalefo ya Resine le ya Baarame, le ya mora wa Remaleya. 5 Baarame le ba morabe wa Efraime, le mora wa Remaleya, ba rerile ho o timetsa, ba re: 6 “A re futuheleng Juda, re e haraswanye, re e arolelane, re bee mora wa Tabeele hore e be kgosi ya yona.” 7 Ka baka leo, Morena Modimo o re: “ ‘Hona ho ke ke ha eba teng, hona ho ke ke ha etsahala, 8 hobane Damaseka ke motsemoholo wa Arame, hlooho ya Damaseka ke Resine feela. Ho eso fete lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mehlano, morabe wa Efraime o tla bo so senyehile, e se e se setjhaba. 9 Motsemoholo wa Efraime ke Samaria, hlooho ya Samaria ke mora wa Remaleya feela. Ha le sa dumele le ke ke la tiya.’ ” Sesupo sa Emanuele 10 Morena a boela a bua ho Akase, a re: 11 “Kopa Morena Modimo wa hao, hore a o etsetse sesupo se tswang tlasetlase, kapa hodimodimo.” 12 Empa Akase a re: “Nke ke ka kopa letho, nke ke ka bea Morena tekong.” 13 Yaba Esaya o re: “Mamelang lona ba ntlo ya Davida! Na ha ho a lekana ha le ntse le kgathatsa batho, ha e le moo le ntse le kgathatsa Modimo wa ka? 14 Ka baka lena, Morena ke yena ya tla le etsetsa sesupo. Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emanuele. 15 O tla ja lebese le mahe a dinotshi, ho fihlela a tseba ho kgesa bobe, a ikgethela ho lokileng. 16 Empa etlare moshanyana a eso tsebe ho kgesa bobe, le ho ikgethela ho lokileng, naha ya dikgosi tsena tse pedi, tseo o di tshabang, e tla fetoha nanaola. 17 “Wena le setjhaba sa hao, le ba ntlo ya ntatao, Morena o tla le tlisetsa nako e esong ho be teng ho tloha mohla ba morabe wa Efraime ba ikarolang ho ba morabe wa Juda. O tla tlisa kgosi ya Asiria.” 18 Mohlang oo Morena o tla letsa molodi o bitsang dintsintsi tse tswang hole, melatswaneng ya Egepeta, le dinotshi tse tswang naheng ya Asiria. 19 Di tla tla tsohle, di fihle di hahele dikgohlong tse tebileng, le mafarung a mafika, le hara difate tsohle tsa leoka, le hara makgulo wohle. 20 Mohla tsatsi leo, Morena o tla beola ka lehare le adimilweng kamose wane ho Noka, e leng kgosi ya Asiria. O tla beola dihlooho tsa lona, le mohwete o meomong ya lona, a le beole le ditedu. 21 Tsatsing leo motho o tla rua kgomo e le nngwe le dikgutshwane tse pedi, 22 empa o tla ja lebese, hobane di tla be di sisa haholo. Bohle ba tla sala naheng eo ba tla ja lebese le mahe a dinotshi. 23 Mohla tsatsi leo, hohle moo ho neng ho ena le difate tsa morara tse sekete, tseo theko ya tsona e leng silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e mmedi le halofo, ho tla mela hlabahlabane le meutlwa. 24 Batho ba tla tsamaya ba nkile diqha le metsu, hobane naha e tla be e kwahetswe ke hlabahlabane le meutlwa. 25 Maralla wohle a neng a lemilwe, ho ke ke ha hlola ho uwa ho wona, ka baka la ho tshaba hlabahlabane le meutlwa, empa e tla ba moo ho kgaphelwang dikgomo teng, le moo dinku di sollang teng. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa