Isaia 66 - BIBELEMorena o ahlola ditjhaba 1 Morena o bua tjena: “Lehodimo ke terone ya ka, lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka. E kae ntlo eo ba nkgahelang yona? Se kae sebaka seo ke tla phomola ho sona? 2 Ntho tsena tsohle di entswe ke nna, ka di etsa, mme jwale di teng,” ho rialo Morena. “Ya tjena ke yena eo ke mo ratang: Ya ikokobeditseng, ya moya o robehileng, ya thothomelang ha a utlwa lentswe la ka. 3 Empa ya etsang mahlabelo ka poho, o tshwana le mmolai wa motho; ya etsang nyehelo ka konyana, o tshwana le ya robang ntja molala; ya etsang nyehelo ka dijo, o tshwana le ya nyehelang ka madi a kolobe; ya tjhesang mokubetso ho etsa kgopotso, o tshwana le ya kgumamelang modimo wa bohata. E, ba ikgethetse tsela tsa bona, meya ya bona e thabela manyala a bona. 4 Le nna ke tla ba otla ka kotlo e bohloko, ke ba tlisetse sona seo ba se tshabang. Ha ke ne ke bitsa, ha ho ya kila arabela, ha ke ne ke bua, ha ba a ka ba mamela. Ba entse bobe moo ke ntseng ke ba shebile, ba ikgethela dintho tse sa nthabiseng.” 5 Lona ba thothomelang ha Morena a bua, mamelang dipolelo tsa hae: “Bana babo lona ba le hloileng, ba le kgesang ka baka la lebitso la ka, ba re: ‘Morena ha a ke a tlotliswe, re bone thabo ya lona!’ Empa bona ba tla hlajwa ke dihlong. 6 Utlwang morusu o tswang kahara motse! Utlwang lerata le tswang ka Tempeleng! Ke modumo o tswang ho Morena, o putsa dira tsa hae ho ya ka mesebetsi ya tsona. 7 “Mosadi o belehile a eso utlwe mahlaba a pelehi, a beleha mora, mahlaba a pelehi a eso mo fihlele. 8 Ya kila utlwa ntho e tjee ke mang? Ya kila bona ntho tse tjee ke mang? Na fatshe le ka boptjwa ka tsatsi le le leng, kapa sona setjhaba sa tswalwa ka motsotswana? Eitse ha Sione e utlwa mahlaba a pelehi, yaba e beleha bana ba yona hanghang. 9 Na nka fihlisa mosadi kgatheng la ho beleha, yaba ke thibela ho tswalwa ha ngwana wa hae?” ho rialo Morena. “Na ke ye ke kwale popelo ya mosadi, ke e kwale ka nako ya pelehi?” ho rialo Modimo wa hao. 10 “Lona bohle ba ratang Jerusalema, thabang le nyakalle mmoho le yona; lona bohle ba e llelang, thabang haholo mmoho le yona. 11 Matsweleng a yona le tla anya le kgotsofale, le tshedisehe, le mokonye haholo, le thabele ho sisa ha yona.” 12 Morena o bua tjena: “Ke tla e tlisetsa kgotso sa noka e tletseng, ke e tlisetse maruo a ditjhaba sa nokana e tletse tswete! E tla le anyesa, e le sike ka matsoho a yona, lona le bapalle mangweleng a yona. 13 Jwalokaha mosadi a bobisa ngwana wa hae, le nna ke tla le tshedisa jwalo, ke le tshedise le le Jerusalema.” 14 Ha le bona tsena pelo tsa lona di tla nyakalla, le tlokome jwaloka jwang ha bo tlokoma. Bahlanka ba Morena ba tla tseba matla a hae, dira tsa hae tsona di bone kgalefo ya hae. 15 Bonang, Morena o tla a le hara mollo, kariki tsa hae tsa ntwa di ka setsokotsane, kgalefo ya hae e tlokomang o e dihela ka mabifi, malakabe a mollo ke yona kgalemo ya hae. 16 Morena o tla ahlola bohle ka mollo le ka sabole, bao a tla ba bolaya e tla ba boiyane. 17 “Ba ikgalaletsang, ba itlhwekisang, ba itlhwekisetsa ho kgumamela medingwana, ho e kgumamela masimong, ba emeng kamora sefate se bohareng ba tshimo, ba jang nama ya dikolobe le ya ditweba, le tse manyala, bana ba tla timetswa kaofela,” ho rialo Morena. 18 “Ke tseba diketso tsa bona le mehopolo ya bona; nako e tla fihla, ke kgobokanye ditjhaba, le ba dipuo tsohle, bohle ba tla tla ba bohe tlotla ya ka. 19 “Ke tla etsa pontsho hara bona, ba phonyohileng ke ba romele ditjhabeng tsa Tarshishe, le Pule, le Lode, e leng tsona tse tummeng ka ho fula ka metsu. Ke tla ba romela Tubale le Jafane, le dihlekehlekeng tse hole, tse eso utlwe botumo ba ka, tse eso bone le yona tlotla ya ka; ba tla phatlalatsa tlotla ya ka hara ditjhaba. 20 Ba tla tlisa bana babo lona bohle, ba ba tlise ba etswa ditjhabeng, ba ba tlise ho Morena e le nyehelo, ba ba tlise ba palame dipere, le kariki tsa ntwa le makoloi, ba ba tlise ba palame dimmeile le dikamele, ba ba tlise Jerusalema, thabeng ya ka e halalelang,” ho rialo Morena. “Ba tla ba tlisa sa bana ba Iseraele, ba tlisa nyehelo, ba e tlisa ka Tempeleng ya Morena, ba e tlisa e le ka janeng se hlwekileng. 21 Ba bang ba bona ke tla ba etsa baprista, ke ba etse Balevi,” ho rialo Morena. 22 “Jwalokaha mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, e leng dintho tseo ke tla di bopa, di tla ba kapele ho nna kamehla,” ho rialo Morena, “ditloholo tsa ona di tla hlola jwalo, le lona lebitso la lona le hlole jwalo.” 23 Morena o re: “Batho bohle ba tla nkgumamela, ba nkgumalele ha kgwedi ka nngwe e thwasa; ba nkgumamele ka Sabatha se seng le se seng. 24 Ba tla tsamaya, ba yo bona ditopo, topo tsa ba ileng ba ntshitelwa; boko tse ba jang ha di ka ke tsa eshwa, mollo o ba tjhesang ha o ka ke wa tima, mme batho bohle ba tla ba nyonya.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa