Isaia 64 - BIBELE1 Oho, hoja wa phetla mahodimo wa theoha, thaba di tle di reketle ha di o bona! 2 Jwalokaha mollo o hotetsa patsi, metsi a bele, le wena theoha, dira tsa hao di tsebe bitso la hao, o etse hore tjhaba di thothomele ha di o bona! 3 Ha o ne o etsa tse tshosang, tseo re neng re sa di lebella, o ile wa theoha, thaba tsa reketla ha di o bona. 4 Ho tloha mehleng ya kgalekgale ha ho ya kila utlwa, ha ho ya kila bona Modimo e mong ntle ho wena, Modimo ya thusang ba mo tshepileng. 5 O thusa ba etsang ho loka, ba ho etsang ba thabile, bona ba hopolang ditsela tsa hao. Leha o no halefile re nnile ra etsa dibe; ebe jwale re ka pholoswa jwang? 6 Bohle re tshwana le motho, le motho ya sesila, ketso tsohle tsa rona tse lokileng di ka dikatana tse ditshila; bohle re omella sa lehlaku le omella, dibe tsa rona di re fefola sa moya ha o fefola. 7 Ha ho na motho ya ipiletsang ho wena, kapa ya lekang hore a o kgomarele; hobane o re patetse fahleho sa hao, wa etsa hore re motele ka baka la dibe tsa rona. 8 Leha ho le jwalo, Morena, wena o ntata rona; rona re letsopa, wena o sebopi, bohle re mosebetsi wa matsoho a hao. 9 Oho, Morena, se ke wa halefa, wa halefa ho feta tekanyo; se hopole dibe tsa rona, wa di hopola kamehla yohle. Ako hopole hore re tjhaba sa hao. 10 Metse e halalelang ha hao e fetohile lehwatata, Sione ke lehwatata, Jerusalema ke nanaola. 11 Tempele e halalelang, e tlotlehang ya rona, moo o neng o rorisetswa teng, o roriswa ke baholoholo ba rona, e tjhesitswe ka mollo, ya re lore! Tsohle tsa bohlokwa di fetohile masupi. 12 Na tse etsahetseng tsee ha di o ame? Na ha o na ho etsa letho, Morena? Na o tla fela o kgutse, o re otle ho feta tekanyo? |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa