Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Isaia 63 - BIBELE


Morena o hlola ditjhaba tsohle

1 Eo ya tswang Edomo ekaba ke mang, ya tswang Bosera aparo tsa hae di le kgubedu? Eo ya apereng tse ntlentle ekaba ke mang, ya hwantang ka bonatla bo boholo ba hae? “Ke nna ya buang ka tsa ho loka, ke nna ya nang le matla, matla a ho pholosa!”

2 Ke hobaneng ha aparo tsa hao di le kgubedu, e ka tsa ya tlabikelang tlhotlelo sa veine?

3 “Ke tlabiketse tlhotlelo sa veine ke le inotshi, hara baditjhaba ha ho ya kileng a ba le nna. Ke ile ka ba hatakela ke halefile, ka ba tlabikela ke loloma ke kgalefo; madi a bona a qaphaletsa aparo tsa ka, kobo tsohle tsa ka tsa silafatswa ke madi ao.

4 Ke hopotse tsatsi leo ke tla iphetetsa ka lona, lemo sa topollo le sona se se se fihlile.

5 Ka qamaka kahohle, empa ka hloka mothusi, ka makala haholo ha ke bona ho se motshehetsi; yaba tsa pholoho ke di sebetsa ka letsoho la ka, kgalefo ya ka ya eba yona motshehetsi wa ka.

6 Ke ile ka hatakela ditjhaba ke halefile, ka di tsherehanya ke loloma ke kgalefo, madi a tsona ka a tshollela fatshe.”


Molemo wa Morena ho Baiseraele

7 Ke tla bolela tsa rato la Morena le sa feleng, le ketso tseo a lokelang ho di rorisetswa, ho ya ka tsohle tseo a re etseditseng tsona, melemo e meholo ho ba ntlo ya Iseraele, eo a ba abetseng yona ho ya ka mehauhelo ya hae, le ho ya ka ketso tsa hae tsa lerato, tse ngata.

8 “Ruri ke tjhaba sa ka,” ho rialo Morena, “bana ba ka ba ke keng ba bua leshano;” kahoo ya eba yena Mopholosi, Mopholosi wa bona,

9 matshwenyeho wohle a bona le yena a mo tshwenya. Hase lengeloi le ba pholositseng, ba pholositswe ke Morena ka seqo, ka lerato le ka mohau wa hae a ba lopolla; ho tloha kgale a ba nka, a ba a ba jara.

10 Empa ba fetohela Morena, Moya o Halalelang ba o swabisa, ka baka leo, yena a fetoha sera sa bona, a ba lwantsha e le yena ka seqo;

11 ke ha ba hopola matsatsi a fetileng, ba hopola Moshe le tjhaba sa habo, ba re: “O kae ya neng a tshedise modisa, a mo tshedisa le mohlape wa hae lewatleng? O kae ya neng a theole Moya o Halalelang wa hae, a o theolela hodima Moshe?

12 O kae ya neng a tataise tsoho le letona la Moshe, a le tataisa ka tsoho le tlotlehang la hae; ya neng a arohanye metsi kapele ho bona, a etsa hore bitso la hae le tume kamehla yohle?

13 O kae ya neng a ba tshedise, a ba tshedisa hara madiba?” Jwaloka pere e sa kgoptjweng hara lehwatata, le bona ha ba tshela ha ba a ka ba kgoptjwa.

14 Jwaloka dikgomo tse theohelang kahara kgohlo, Moya wa Modimo o ile wa ba phomotsa. Tjhaba sa hao o se tataisitse tjena, hore o iketsetse lebitso le tlotlehang.


Thapelo e kopang mohau le thuso

15 Wena ya leahong la hao le halalelang, le tlotlehang, tadima fatshe, o le lehodimong, o bone! E kae tjheseho ya hao, a kae matla a hao? E kae kutlwelobohloko ya hao, o kae mohau wa hao? Oho, Morena, o re hanetse ka tsona!

16 Wena Morena, ke wena ntata rona, le hoja Aborahama a sa re tsebe, le Iseraele a sa re letho ka rona, oho, wena Morena, ke wena ntata rona, Molopolli wa rona: Ke bitso la hao la kamehla yohle.

17 O re tloheletseng, Morena, ho kgeloha tsela tsa hao? O thatafaleditseng pelo tsa rona, hore re se ke ra o tshaba? Kgutla ka baka la rona bahlanka ba hao, rona merabe eo e leng lefa la hao.

18 Ke hobaneng ha ba kgopo ba futuhetse Sehalalelo sa hao, dira tsa rona di hataketse baka se halalelang sa hao.

19 Re tshwana le bao o eso ba buse ho tloha kgale, ba eso ka ba bitswa ka lebitso la hao.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan