Isaia 62 - BIBELELebitso le letjha la Sione 1 Ka baka la Sione ha nka ke ka kgutsa, ka baka la Jerusalema ha nka ke ka phomola, ho fihlela ho loka ha yona ho kganya ho kganya sa mafube a meso, topollo ya yona e tshwana le lebone le tukang. 2 Baditjhaba ba tla bona ho loka ha hao, dikgosi tsohle di bone tlotla ya hao; wena o tla bitswa ka lebitso le letjha, leo o tla la rewa ke Morena ka seqo. 3 Matsohong a Morena o tla ba mofapahlooho wa tlotla, matsohong a Morena o be moqhaka wa bokgosi. 4 Ha o ka ke wa hlola o bitswa Molahluwa, kapa naha ya hao e bitswe Nanaola; empa o tla bitswa Monnyakalatsi, naha ya hao e bitswe Monyaduwa, hobane Morena o thabiswa ke wena, naha ya hao e tla ba mohatsa Morena. 5 Jwalokaha mohlankana a nyala morwetsana, bara ba hao le bona ba tla o nyala; jwalokaha monyadi a thabela monyaduwa, Modimo wa hao le yena o tla o thabela. 6 “Ke beile balebedi hodima marako a hao, wena Jerusalema, ba ke keng ba kgutsa motsheare le bosiu: Lona ba rapelang Morena le se ke be la kgutsa, 7 Morena le se ke be la mo fa phomolo, ho fihlela a hlomamisa Jerusalema, a etsa hore lefatsheng mona e be Sebabatso! 8 “Morena o hlapantse ka tsoho le letona la hae, a hlapanya ka matla a tsoho la hae, a re: ‘Ruri ha nka ke ka hlola ke fana ka mabele a hao, ke a nea dira tsa hao hore e be dijo tsa tsona; baditjhaba ha ba ka ke ba hlola, ba enwa veine ya hao, veine eo o e sebeleditseng ka thata. 9 Ba kotulang mabele ke bona ba tla a ja, ba a je, ebe ba rorisa Morena; ba kgang morara ke bona ba tla nwa veine, ba e nwelle mabaleng, mabaleng a Sehalalelo sa ka.’ ” 10 Tswang! Tswang! ka dikgoro tsa motse, le lokise tsela ya tjhaba sa ka; batalatsang, batalatsang mmila, le suthise majwe, le phahamisetse ditjhaba tsohle mokgele. 11 Morena o entse phatlalatso, a e etsa ho ya fihla dipheletsong, pheletsong tsa lefatshe: “Bolellang moradi wa Sione, le re: ‘Mopholosi wa hao o sa le tseleng, o tla a nkile moputso wa hae, phetetso ya hae e mo eteletse pele.’ ” 12 Ba tla bitswa tjhaba se halalelang, ba bitswe balopollwa ba Morena; wena o tla bitswa Mpatlwane, o bitswe motse o sa furallwang. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa