Isaia 61 - BIBELEMolaetsa o molemo wa topollo 1 Moya wa Morena Modimo o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana, molaetsa o molemo. O nthometse ho thoba pelo tsa ba swabileng, ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le hore ba tjhankaneng ba tla lokollwa; 2 ho phatlalatsa selemo sa Morena, lemo sa mehauhelo, le letsatsi la phetetso ya Morena wa rona, le ho tshedisa bohle ba leng bofifing; 3 ho nea ba Sione ba leng bofifing moqhaka o kgabane bakeng sa molora, ole ya thabo bakeng sa bofifi, seaparo sa thoriso bakeng sa maswabi, ba tle ba bitswe fate tsa ho loka, tse lenngweng ke Morena hore a tle a tlotliswe. Moputso wa Baiseraele 4 Ba tla tsosa masupi a kgale, ba ntjhafatse thako tsa boholoholo; ba tla tsosa metse e neng e ripitlwe, dithako tsa meloko e mengatangata. 5 Baditjhaba ba tla le sebeletsa, ba be ba dise le mehlape ya lona, melata e le lemele masimo, e le hlomele le morara wa lona. 6 Lona le tla bitswa baprista ba Morena, le bitswe basebeletsi ba Modimo wa rona. Maruo a baditjhaba a tla jewa ke lona, le ithorise ka tlotla ya bona. 7 Kaha dihlong tsa lona di phetahane habedi, ho songwa le mahlapa e bile kabelo ya lona, leruo la naha ya lona le tla eketseha habedi, thabo ya lona e be ya kamehla le mehla. 8 “Nna Morena, ke rata toka, bolotsana le bokgopo ke di hloile; ke tla tshepahala, ke ba nee moputso wa bona, ke etse selekane sa kamehla yohle le bona. 9 Moloko wa bona o tla tsejwa ke baditjhaba, ditloholo tsa bona di tsejwe hara matjhaba; bohle ba di bonang ba tla di tseba, ba di tsebe e le moloko, moloko o hlohonolofaditsweng, wa hlohonolofatswa ke Morena.” 10 Ke tla thabela Morena ka pelo ya ka yohle, moya wa ka o thabele Modimo wa ka haholo, hobane o nkapesitse kobo ya ho pholoswa, a nkwahela ka seaparo sa ho loka, jwalokaha monyadi a ikgabisa ka moqhaka, a ikgabisa jwaloka moprista a ikgabisa, monyaduwa a tlatlapela mabenyane a hae. 11 Jwalokaha mobu o medisa dimela tsa wona, tshimo le yona e medisa dijalo tsa yona, Morena Modimo o tla medisa ho loka le ho rorisa, tsena a di medise moo matjhaba wohle a di bonang. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa