Isaia 59 - BIBELEMoporofeta o nyatsa dibe tsa setjhaba 1 Tsoho la Morena ha le lekgutshwanyane, hoo a ke keng a pholosa; tsebe ya hae ha e a thibana hoo a ke keng a utlwa. 2 Empa makgopo a lona a le arohantse le Modimo wa lona, dibe tsa lona di patile fahleho sa hae, e le hore a se ke a le utlwa. 3 Matsoho a lona a kganathetse madi, menwana ya lona e silafaditswe ke bokgopo. Le buile leshano ka melomo ya lona, maleme a lona a buile tse kgopo. 4 Ha ho le ya mong ya batlang toka, ha ho le ya mong ya buang nnete dinyeweng; ba tshepa dikgang tsa mafeela, ba bua leshano; mehopolo ya bona e mebe, mme e tswala bokgopo. 5 Ba qhotsisa mahe a marabe, ba lohe dikgwele tse kang tsa bolepo ba sekgo; ya jang mahe a marabe o a shwa, ha le leng le pshatlwa, ho tswa marabe. 6 Bolepo ba bona bo ke ke ba fetoha diaparo, ba ke ke ba ikapesa ka tseo ba di etsang. Mesebetsi ya bona ke mesebetsi e kgopo, ka ketso tsa bona ba tsosa moferefere. 7 Maoto a bona a ba mathisetsa sebeng, a bobebe ho tsholla madi a se nang molato, menahano ya bona ke menahano e kgopo, mehlaleng ya bona ke mophula wa tshenyo, le wa timetso. 8 Tsela e isang kgotsong ha ba e tsebe, mehlaleng ya bona toka ha e fumanwe. Tsela tsa bona ke tse matswedintsweke, ya tsamayang ho tsona a ke ke a fumana kgotso. Setjhaba se ipolela dibe tsa sona 9 Ka baka leo, toka e hole le rona, le ho loka ha ho fihle ho rona. Re batla lesedi, empa re bona lefifi, re batla kganya, empa re tsamaya lefifing. 10 Re phopholetsa mabota jwaloka batho ba difofu, re phopholetsa tsela jwalokaha eka ha re na mahlo, re kgothometseha hara motsheare wa lengeta jwalokaha eka ke ka shwalane; hara ba phelang rona re jwaloka bafu. 11 Bohle re puruma jwaloka dibere, re lla habohloko jwaloka maeba. Re batla toka, empa ha re e fumane, re batla topollo, empa e holehole le rona. 12 Re ditshito di ngata mahlong a hao, re ahlolwa ke bopaki ba dibe tsa rona. Ditshito tsa rona di re maname kamehla, bokgopo ba rona re bo tseba hantle: 13 Ke ho sitelwa Morena le ho bua leshano, ke ho furalla Modimo wa rona, ho kgothaletsa bohatelli le bofetohedi, ho nahana leshano le ho le bua ka pelong tsa rona. 14 Kahoo toka e tjhetjhiswa kasanthao, ho loka ho emeletse hole le rona; diterateng nnete ha e sa le yo, botshepehi le bona ha bo sa fumanwa. 15 E, nnete e fela e lahlehile, ya furallang bokgopo o etswa hampe. Tsena tsohle Morena a di bona, a se ke a thabiswa ke bosiyo ba toka. Morena o itokisetsa ho lopolla setjhaba sa hae 16 Morena a bona hore ha ho na motho, a makala ha a bona ho se ya kenang dipakeng; ka matla a hae a hlola dira tsa hae, ho loka ha hae ha mo tshehetsa. 17 Ho loka ha sireletsa sefuba sa hae, hloohong a rwala katiba ya tshepe ya pholoho; a apara diaparo tsa boiphetetso, tjheseho ya eba yona kobo ya hae. 18 O tla ba putsa ho ya ka diketso tsa bona, a halefele dira tsa hae a be a di otle, ba dihlekehlekeng a ba nee moputso wa bona. 19 Bitso la Morena le tla tshajwa, le tshajwe ho tloha bophirimela, tlotla ya hae e tshajwe, e tshajwe ho tloha botjhabela. Ha sera se futuha jwaloka sekgohola, Moya wa Morena o tla se lelekela hole. 20 “Mopholosi o tla tla Sione, a tle ho ba Jakobo ba bakelang dibe tsa bona,” ho rialo Morena. 21 “Ha e le nna,” ho rialo Morena, “selekane sa ka le bona ke sena: Moya wa ka o leng ho wena, le dipolelo tsa ka tseo ke itseng o di bue, di ke ke tsa fela molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya ditloholo tsa hao ho tloha jwale le kamehla yohle,” ho rialo Morena. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa