Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Isaia 57 - BIBELE


Medimo ya bohata ha e na thuso

1 Batho ba lokileng ba a timela, ha ho le ya mong ya keng a nahane hona; ba nang le tumelo le bona ba a fediswa, ha ho ya utlwisisang hona: Ba lokileng ba balehisetswa bobe bo tlang.

2 Ba hlokang kodi ba tla itjhwella ka kgotso, ba iphomolele hamonate lefung la bona.

3 “Lona bana ba baloi atamelang mona, le lona bana ba difebe, le lona ba diotswa!

4 Eo le mo somang ke mang? Eo le mo nyekoletsang melomo, maleme a leketlile, ke mang? Na hase lona bana ba mahlabaphiyo, lona bana ba batho ba leshano?

5 Le sebeletsa medimo ya bohata ka ho etsa bohlola, le bo etsa le le tlasa difate tse talana, ka dikgohlong le ka mahaheng le etsa mahlabelo a setjheso ka bana ba lona.

6 Majwe a boreledi, a dinokana, ke yona medimo ya lona, e, efela e le yona kabelo ya lona. Medingwana ena le e etsetsa nyehelo ya dino, le bile le e etsetsa le nyehelo ya dijo. Ebe na tse tjee di ka nthabisa?

7 Mealo ya lona e hodima thaba tse phahameng, thabeng tse hodimo, ke moo le nyolohelang teng ho ya etsa mahlabelo.

8 Kamora mamati le dikosene tsa lona, ke moo le entseng meupello, la mphuralla, la apola bofeela ba lona, la kena diphateng, la ithabisa ka ho etsa bohlola, la iketsetsa setswalle le bao le ba ratang, la ba la tadima bofeela ba bona.

9 La itlotsa ka ole e nang le menkwane, la ba la ya ho kgosi, la romela maqosa a lona naheng tse hole, la ba la a romela Nqalong ya Bafu.

10 Maeto a lona a malelele a le baketse mokgathala, empa la sitwa le ho re: ‘Ha ho na thuso!’ Le nnile la fumana mekgwa ya ho imatlafatsa, kahoo ha le a ka la kgathala.

11 “Eo le mo tshohang ke mang, eo le mo tshabang hakaale, ke mang, hoo le ileng la ntlhokela botshepehi, la ba la sitwa le ho nkgopola, kapa hona ho nnahana ka pelong tsa lona? Na hase hobane e le kgale ke kgutsitse, ha e le moo le se le sa ntshabe?

12 Ke tla pepesa mesebetsi ya lona, mesebetsi eo lona le reng e lokile; empa ha e ka ke ya le tswela molemo.

13 Ha le ipiletsa, le batla thuso, ereng medingwana ya lona e mengata e le thuse! Kaofela ha yona moya o tla e fefola, moyana o fokolang o e pheule. Empa ya nketsang setshabelo sa hae, fatshe la pallo e tla ba lefa la hae, a rue thaba ya ka e halalelang.”


Modimo o tshedisa ba swabelang dibe tsa bona

14 Lentswe le tla re: “Katang, katang, le batalatse mmila! Tlosang se kgopang tseleng ya tjhaba sa ka!”

15 Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.

16 Ha ke na ho qosa kamehla yohle, kapa hona ho halefa kamehla, ho seng jwalo ba kapele ho nna ba ka tepella, e leng batho bao ke ba bopileng.

17 Ka baka la sebe sa bona ke ile ka ba halefela, ka ba otla, ka ba patela fahleho sa ka ke halefile; empa ba nna ba tswela pele mekgweng ya bona e kgopo.

18 Tsela tsa bona ke di bone, ke tla ba phekola; ke ba tsamaise, ke tshedise ba llang,

19 ke etse hore maleme a bona a bine dithoko: ‘Kgotso, kgotso ho ba hole le ba haufi!’ Ke tla ba fodisa,” ho riala Morena.

20 Ba kgopo ba tshwana le lewatle le tuduana, le tuduana le se na kgotso, maqhubu a lona a akgela seretse le ditshila lebopong.

21 “Kgotso ha e yo ho ba kgopo,” ho rialo Modimo wa ka.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan