Isaia 56 - BIBELEDitjhaba tsohle e tla ba tsa Modimo 1 Morena o bua tjena: “Ahlolang ka toka, le etse ho nepahetseng, hobane ho pholosa ha ka ho se ho le haufi, le ho loka ha ka ho se ho tla senolwa. 2 Ho lehlohonolo motho ya etsang tsena, ho lehlohonolo motho ya di kgomarelang, ya bolokang Sabatha, ya sa se silafetseng, eo tsoho la hae le sa etseng tse mpe. 3 “Se dumelle moditjhaba ya ikabetseng Morena hore a re: ‘Morena o tla nkgetholla tjhabeng sa hae ho hang!’ Se dumelle lehaole ho ipelaetsa, le re: ‘Nna ke sefate se omeletseng!’ ” 4 Morena o bua tjena ho mahaole: “Mahaole a bolokang Disabatha tsa ka, a ikgethelang tse nthabisang, a kgomarelang selekane sa ka, 5 kahara tempele ya ka, kahara marako a yona, ke tla a etsetsa kgopotso, ke a ree lebitso, bitso le fetang la ba nang le bara le baradi, ke tla a rea lebitso la kamehla yohle, bitso le ke keng la hlola le fediswa. 6 “Haele baditjhaba ba ikabetseng Morena, ba ikabetseng ho mo sebeletsa, le hona ho rata bitso la hae, bao e leng bahlanka ba hae, ba bolokang Sabatha, ba se boloka ba sa se silafatse, ba kgomaretseng selekane sa ka; 7 bona ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ya ka ya thapelo. Nyehelo tsa bona tsa setjheso le mahlabelo a bona, tsena ke tla di amohela aletareng ya ka, hobane ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo, e bitswe ntlo ya thapelo ya ditjhaba tsohle.” 8 Morena Modimo, yena ya kgutlisang baphaphathehi ba Iseraele, o bua tjena: “Ke sa tla boela ke mo kgutlisetsa ba bang, ntle ho bao ke seng ke ba kgutlisitse.” Ho nyatswa baetapele ba Iseraele 9 “Lona batana tsohle tsa naha tloong, le harole, lona dibatana tsohle tsa meru. 10 Balebedi ba Iseraele ba foufetse, ha ba na tsebo, ke ntja tsa dimumu, ha di tsebe ho bohola, di a robala, di bothe, di ithatela boroko. 11 Ke ntja tsa menyollo, ha di ke be di kgore, ke badisana ba se nang kutlwisiso, motho ka mong o ikela ka tsela ya hae, motho ka mong o ipatlela mouno moo o ka bang teng. 12 Motho ka mong o re: ‘Tloong kwano, ke tla lata veine! A re itlopeng jwala, re be re bo shebe feela! La hosasane le tla nne le ke la kajeno, mohlomong le tla ba letle ho feta lena!’ ” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa