Isaia 55 - BIBELEMohau ke mpho ya Modimo 1 “Lona bohle ba nyorilweng, tloong le nwe metsi, le lona ba se nang tjhelete, tloong le reke dijo, le je! Tloong le ithekele veine, le ithekele le lebese, le di reke le se na tjhelete, le sa lefe letho. 2 Le senyetsang tjhelete ka tseo e seng bohobe? Dintho tse sa kgotsofatseng, keng ha le di sebeletsa ka thata? Mmameleng ka hloko, le je tse molemo, meya ya lona e ithabise ka tse monate. 3 “Ntshekeheleng tsebe, mme le tle ho nna, le mmamele, meya ya lona e tle e phele. Ke tla etsa selekane sa kamehla le lona, e leng mehauhelo eo ke neng ke e tshepise Davida. 4 Bonang, ke entse Davida paki ya ka ho ditjhaba, ka mo etsa moetapele le molaodi wa ditjhaba. 5 Ruri le tla bitsa tjhaba tseo le sa di tsebeng, tjhaba tse sa le tsebeng di tla mathela ho lona ka baka la Morena Modimo wa lona, yena Ya Halalelang wa Iseraele, hobane o le tlotlisitse. 6 “Batlang Morena ha a sa ntse a ka fumanwa, ipiletseng ho yena a sa le haufi; 7 ya kgopo a furalle ditsela tsa hae, molotsana a furalle mehopolo ya hae, a sokolohele ho Morena wa hae, mme Morena o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane yena o tshwarela haholo. 8 Mehopolo ya ka hase mehopolo ya lona, tsela tsa lona hase tsela tsa ka,” ho rialo Morena. 9 “Jwalokaha lehodimo le phahametse lefatshe, tsela tsa ka le tsona di phahametse tsa lona, le mehopolo ya ka e phahametse ya lona. 10 “Jwalokaha pula le lehlwa di etswa lehodimong, mme di sa kgutlele teng di sa kolobisa lefatshe, hore le medise dimela di tle di atlehe, di hlahisetse mojadi peo, batho ba fumane dijo; 11 le dipolelo tseo ke di buang di jwalo, di ke ke tsa kgutlela ho nna di sa sebetsa letho, empa di tla phethahatsa seo ke se ratang, di phethe merero eo ke di rometseng ho e phetha. 12 Le tla tloha ka thabo, kgotso e le eteletse pele, dithaba le maralla di bine le di tadimile, fate tsohle tsa naha di le opele mahofi. 13 Moo ho metseng leoka ho tla mela modutu, moo ho metseng hlabahlabane ebe ho mela mohlakola. Tsena ke tsona tse tla tumisa Morena, e be pontsho ya kamehla yohle, e ke keng ya fediswa.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa