Isaia 54 - BIBELELerato la Morena ho Iseraele 1 “Bina, wena nyopa, o sa kang wa beleha, tsanyaola, o bine ka thabo, wena o sa kang wa utlwa bohloko ba pelehi, hobane bana ba mosadi ya lahlilweng, ba bangata ho feta ba mosadi ya nyetsweng,” ho rialo Morena. 2 “Atolosa setsha sa tente ya hao, o sarolle le masira a ntlo ya hao; lelefatsa kgwele tsa masira a hao, le dimapo tsa tsona o di kgokgothele. 3 O tla namela ka ho le letona le ka ho le letshehadi, ditloholo tsa hao di tla hapa naha tsa baditjhaba, di ahe metseng eo e seng e le masupi. 4 “O se ke wa tshaba, o ke ke wa hlajwa ke dihlong, se tshabe ho tlontloloha, o ke ke wa nyenyefatswa. O tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, ho nyediswa ha bohlolohadi ba hao, ha o sa tla hlola o ho hopola. 5 Mmopi wa hao ke yena monna wa hao, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae; Ya Halalelang wa Iseraele ke yena Molopolli wa hao, o bitswa Modimo wa lefatshe lohle. 6 “Morena o o bitsitse sa mosadi ya lahlilweng, a o bitsa sa mosadi ya hlomohileng, ya nyetsweng a sa le monyenyane a ba a lahlwa,” ho rialo Modimo wa hao. 7 “Ke ile ka o furalla ka motsotswana feela, empa ka baka la kutlwelobohloko ke tla o kgutlisa. 8 “Ka baka la kgalefo ya ka ke ile ka o furalla, ka o patela fahleho sa ka ka motsotswana; empa kahobane ke o rata, ke tla o utlwela bohloko kamehla yohle,” ho rialo Morena, Molopolli wa hao. 9 “Ho nna tsena di tshwana le tsa mehleng ya Nowe, ha ke ne ke hlapanya ke re: Morallo o ke ke wa eba teng hape; kahoo ke hlapanya hore nke ke ka hlola ke o halefela, nke ke ka hlola ke o kgalema. 10 Leha dithaba di ka sisinngwa le maralla a suthiswa, lerato la ka le matla ho wena le ke ke la sisinyeha, kapa selekane sa ka sa kgotso sa fediswa,” ho rialo Morena, yena ya o utlwelang bohloko. Jerusalema e ntjha 11 “Wena motse o hlokofaditsweng, wa tsukutlwa ke difefo, wa hloka motshedisi, majwe a marako a hao ke tla a hahella hodima sekama, metheo ke e hahe ka majwe a safire. 12 Tora tsa hao ke tla di haha ka mahakwe a mafubedu, kgoro e be tsa majwe a bofubedu ba malakabe, marako e be a mahakwe a bohlokwa. 13 “Bara ba hao bohle ba tla rutwa ke Morena, ditloholo tsa hao di be le kgotso ya sebele. 14 Ha o etsa tse lokileng o tla matlafala, bompodi bona bo ke ke ba eba teng ho wena, ha o ka ke wa tshaba letho, esita le ditshoso di ke ke tsa o atamela. 15 Bona, o tla fela o futuhelwe, feela e se ka tumello ya ka; empa ya o futuhelang o tla ineela ho wena. 16 “Ke nna ya bopileng lelala, lona le butswelang mashala sefuthelong, ebe le etsa hlomo tse loketseng mosebetsi wa tsona; le mosenyi ya senyang o bopilwe ke nna. 17 Ha ho na sebetsa se tla o bolaya, bohle ba o qosang o tla ba hlola ka nyewe. Lena ke lona lefa la bahlanka ba Morena, ke ho loka hoo ke ba neang hona,” ho rialo Morena. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa